Fetela boitsebisong

LA 14, OCTOBER 2013
Dominican Republic

Lipaki li ba le Lenyalo la Pele le sa Tšoaroeng ke Mak’hatholike le Amoheloang ke Molao Dominican Republic

Lipaki li ba le Lenyalo la Pele le sa Tšoaroeng ke Mak’hatholike le Amoheloang ke Molao Dominican Republic

Lipaki Tsa Jehova tse peli tsa Dominican Republic li ile tsa etsa lechato le sa lebaleheng ka la 28 August, 2013. Ho tloha ka bo-1954, manyalo a neng a etsoa ke mokhatlo o mong ntle le Kereke e K’hatholike kapa bangolisi ba sechaba, a ne a nkoa a se molaong naheng eo ka lebaka la tumellano e neng e le teng pakeng tsa Dominican Republic le Vatican. Ka lebaka leo, ho phaella moketeng oa lenyalo oo Lipaki Tsa Jehova li neng li o etsa, li ne li lokela ho ngolisa manyalo a tsona ’musong. Leha ho le joalo, molao o mocha o nka manyalo a tiisitsoeng ke malumeli a mang ho akarelletsa le ba Lipaki Tsa Jehova a le molaong. Lenyalo le ileng la ba ka la 28 August e ile ea e-ba la pele har’a ao e seng a Mak’hatholike naheng eo.

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Dominican Republic: Josué Feliz, tel. +1 809 595 4007