Fetela boitsebisong

LA 12 NOVEMBER, 2013
India

Leholiotsoana la Phailin le Puputla India

Leholiotsoana la Phailin le Puputla India

Leholiotsoana la Phailin, ke sefefo se matla ka ho fetisisa se kileng sa otla India ka mor’a lilemo tse leshome, le ile la puputla liprofensi tse ka bochabela ho India e leng Odisha le Andhra Pradesh ka la 12 October, 2013. Lifefo li ile tsa phahamela ho 140 mph, leholiotsoana la phahamela Mokhahlelong oa 4 la siea batho ba likete tse makholo ba Odisha ba se na moo ba lulang ’me la baka likhohola tse khōlō, la bolaea batho ba ka bang 43. Ha ho le ea mong oa Lipaki Tsa Jehova oa libakeng tsena ea tlalehiloeng a shoele kapa a lemetse. Pele Leholiotsoana la Phailin le fihla lebōpong la leoatle, ofisi ea lekala ea India ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea hlophisa komiti ea liphallelo e le ho thusa Lipaki tse 70 hore li falle profensing e lebōpong la Andhra Pradesh. Bohle ba ileng ba fallisoa ba ntse ba hlokomeloa malapeng a Lipaki ’moho le bona.

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

India: Tobias Dias, tel. +91 9845476425