Fetela boitsebisong

LA 12 NOVEMBER, 2013
Japan

Leholiotsoana la Wipha le Otla Japane

Leholiotsoana la Wipha le Otla Japane

Leholiotsoana la Wipha le ile la otla karolo e lebōpong la leoatle la Japane ka la 16 October, 2013. Sehlekehleke sa Oshima, se lik’hilomithara tse 120 ka boroa ho Tokyo, se ne se le har’a tse neng li senyehile haholo. Metsi a lipula tsa lifefo a phallang ka potlako, a neng a phahame ka lisenthimithara tse ka bang 84, a ile a baka hore linōka li je litlhokoa ’me ho be liretse haholo, e leng se ileng sa bolaea batho ba ka bang 35. Ofisi ea lekala ea Japane ea Lipaki Tsa Jehova e tlalehile hore ha ho le ea mong oa Lipaki tsa phuthehong ea Oshima ea shoeleng kapa ea lemetseng. Ntlo ea lelapa le leng la Paki e ile ea senyeha marulelo ’me litho tse ling tsa phutheho li ile tsa e thusa ho e lokisa. Lipaki tsa sebakeng seo li ile tsa boela tsa thusa baahelani ba tsona, tsa ithaopela ho ba thusa ’me tsa ba tsa ba tšelisa ka Mangolo.

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Japane: Shiro Hayasaki, tel +81 46 233 0005