Fetela boitsebisong

LA 14 OCTOBER, 2013
Kenya

Ho Thunngoa Batho Setsing sa Mabenkele Kenya

Ho Thunngoa Batho Setsing sa Mabenkele Kenya

Ka Moqebelo oa la 21 September, 2013, banna ba tšoereng lithunya ba ile ba hlasela setsi sa mabenkele Nairobi, Kenya, ba bolaea batho ba ka bang 67 ’me ba ntša ba ka bang 175 likotsi. Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e tlaleha hore Lipaki Tsa Jehova tse ’maloa li ne li le teng setsing seo sa mabenkele ha ketsahalo eo e etsahala, empa li ile tsa khona ho baleha li sa tsoa likotsi. Josphat Makori, e leng ’muelli oa Lipaki Tsa Jehova Kenya, o re: “Tlhaselo ena e utloisitse sechaba sa mona bohloko. Re tšelisa batho bohle ba hlokahaletsoeng ketsahalong ena. Re ntse re sebetsa ka thata ho tšelisa baahelani ba rōna re sebelisa Bibele le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang nakong ena e thata.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Kenya: Josphat Makori, tel +254 20 387 3211