Fetela boitsebisong

LA 10 MAY, 2013
Slovakia

Lipaki Tsa Jehova li Keteka Lilemo Tse 100 Slovakia

Lipaki Tsa Jehova li Keteka Lilemo Tse 100 Slovakia

BRATISLAVA, Slovakia—Ka la 15 December, 2012, Lipaki Tsa Jehova tsa Slovakia li ile tsa mema batho hore ba tl’o boha mehaho ea lekala la tsona e le ho keteka lilemo tse lekholo li etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele naheng eo. Batho ba lulang haufi le lekala ba ile ba mengoa hore ba tl’o boha mohaho. Ho ile ha ea batho ba fetang 200 moketeng oo, ’me ba ea moo ho bontšoang nalane ea Lipaki Slovakia.

Ka 1912, baemeli ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba qala mosebetsi oa ho ruta batho Bibele phatlalatsa, Slovakia. Ka 1991, Lipaki li ile tsa lokolla Bibele e nepahetseng le e balehang habonolo ka Seslovak. Ofisi ea lekala ea Bratislava, e tšehetsa mosebetsi oa ho fetolela o etsoang ke lithimi tse hlano tse fetolelang Seslovak. Mosebetsi oa tsona o akarelletsa oa ho fetolela Puo ea Matsoho ea Slovakia le Eastern Slovak Roma le lipuo tse ling tsa Olah Roma. Lingoliloeng tsohle tsa Lipaki le Libibele ha li rekisoe. Lipaki tsa Slovakia tse ka holimo ho 11 000, li ithuta Bibele le batho ba fetang 3 400 beke le beke li sa ba lefise letho, ’me li ba thusa hore ba thabe le hore ba be le malapa a thabileng.

E le hore li ithute Bibele ka ho eketsehileng, Lipaki li tšoara liboka liphuthehong tse 160 ho pholletsa le naha ena, ’me li mema batho bohle hore ba be teng libokeng tsena tse sa lefelloeng. Lipaki li boetse li na le likopano tseo e leng khale li li tšoara selemo le selemo, ’me ea pele e ile ea tšoaroa ka 1923. Ka 2006, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tšoara kopano e khethehileng Bratislava, eo ho eona ho ileng ha ea batho ba fetang 10 700, ba akarelletsang baeti ba fetang 3 600 ba tsoang Czech Republic, Hungary le Romania.

Rastislav Eliaš, e leng ’muelli oa Lipaki Tsa Jehova Slovakia, o re: “Ka lilemo tse 100, haesale Lipaki Tsa Jehova tsa Slovakia li tsejoa ka hore ke baahi ba bōpang khotso, ba tšepahalang le ba momahaneng le beng ka bona le batho ba sebakeng sa habo bona. Re tla tsoela pele ho sebetsa ka thata e le hore re thuse baahelani ba rōna hore ba rue molemo ho seo Bibele e se rutang, feela joalokaha le rōna re loanela ho etsa joalo.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Slovakia: Rastislav Eliaš, tel. +421 2 49107611