Fetela boitsebisong

LA 15 JANUARY, 2013
South Korea

Korea Boroa: Komiti ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo Tsa Botho

Korea Boroa: Komiti ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo Tsa Botho

Ka la 25 October, 2012, Komiti ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo Tsa Botho e ile ea liha kahlolo ea hore Korea Boroa e lokela ho lefa batho ba 388 bao e leng Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa hana ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli hobane e hataketse litokelo tsa bona. Korea Boroa e boetse e laetsoe ho hlakola litlaleho tsohle tsa tlōlo ea molao khahlanong le Lipaki. Qeto eo e tlatsetsa ho e tšoanang le eona e ileng ea etsoa ka la 24 March, 2011, e neng e emela Lipaki tsa Korea tse 100 tseo le tsona li ileng tsa ahloleloa ho ea teronkong hobane li hanne ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli ba tsona. ’Muelli oa Lipaki tsa moo, e leng Dae-il Hong, o re: “Liqeto tsena li susumetsa ’muso oa Korea Boroa hore o lokolle bacha ba Lipaki ba 733 ba ntseng ba le teronkong.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Rephabliki ea Korea: Dae-il Hong, tel. +82 10 3951 0835