Fetela boitsebisong

LA 1 OCTOBER, 2013
South Korea

Ho Hloka Toka ho Korea Boroa ho Tletlebisa Lichaba Tse Ling

Ho Hloka Toka ho Korea Boroa ho Tletlebisa Lichaba Tse Ling

Korea Boroa e kenya bahlankana ba makholo ba se nang molato teronkong. Hobane’ng? Hobane ke Lipaki Tsa Jehova, ’me ba qoba ho hatella matsoalo a bona ka hore ba hane ho kena sesoleng. Kaha Korea ha e sireletse litokelo tsa batho ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli, Lipaki tse qobelloang ho ingolisa sesoleng li isoa teronkong. Ha e le hantle, ka lilemo tse 60 ho ’nile ha tšoaroa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 17 000 tse ileng tsa hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli.

E le hore e hlokomelise ba bang ka taba ena, ofisi ea Lipaki Tsa Jehova e Korea Boroa e ile ea hatisa bukana e nang le sehlooho se reng  Conscientious Objection to Military Service in Korea. Bukana ena e totobatsa ho hlōleha ha Korea ho sebelisa melao ea machaba ea ho sireletsa batho ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. E boetse e na le histori e khutšoanyane ea bahlankana ba Lipaki ba ’nileng ba mamella ho ba teronkong ka lebaka la ho hana ho hatella matsoalo a bona. Monghali Dae-il Hong, e leng moemeli oa Lipaki Tsa Jehova ofising ea Korea le Philip Brumley, e leng Moeletsi ea Akaretsang oa Lipaki Tsa Jehova New York, ba fana ka litaba tse eketsehileng tse amanang le ho hloka toka hona ho nkileng nako e telele.

Lichaba tse ling li itse’ng ka ho hloka toka ho teng Korea Boroa?

Philip Brumley: Linaha tse ’maloa li ile tsa bontša hore li khahlanong le hore naha ea Korea ha e ele hloko litokelo tsa motheo tsa batho ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. Ha Machaba a Kopaneng a ne a etsa Tlhahlobo eo a e etsang nako le nako lefatšeng ka bophara, linaha tse robeli—e leng Hungary, Fora, Jeremane, Poland, Slovakia, Spain, United States le Australia—li ile tsa khothalletsa Korea hore e khaotse ho qosa batho ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli ’me e thehe mosebetsi oa sechaba o sa amaneng le sesole. *

Dae-il Hong: Linyeoeng tse ’nè tseo ho tsona ho neng ho qosoa batho ba 501 ba ileng ba hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli, Komiti ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng e ile ea bontša hore Rephabliki ea Korea e hataketse litokelo tsa bona ka ho ba koalla teronkong. Komiti eo e ile ea re “tokelo ea ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli ke karolo ea tokelo ea tokoloho ea ho nahana, ea letsoalo le ea bolumeli. E lumella motho e mong le e mong hore a se ke a qobelloa ho kenela tšebeletso ea sesole haeba seo ha se lumellane le bolumeli kapa litumelo tsa hae. Batho ha baa lokela ho qobelloa ho etsa lintho tse khahlanong le matsoalo a bona.” *

Lekhotla la Litokelo Tsa Botho, e leng karolo e ’ngoe ea Machaba a Kopaneng, le lona le ile la bua ka taba ena tlalehong ea lona e sa tsoa ntšoa e mabapi le ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bolumeli. Tokomane ena e fana ka moralo oa molao oa machaba o hlomphang tokelo ea batho ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli le ho hanela hore batho ba joalo ba hatelloe ka ho qosoa kapa ka ho fuoa kotlo. *

Ke’ng seo ’muso oa Korea o se entseng ha o utloa litletlebo tsa linaha tsee?

Mohaho oa Lekhotla le ka Holimo-limo

Philip Brumley: ’Muso oa Korea ha o oa ka oa sebelisa litaelo tsa Komiti ea Litokelo Tsa Botho. Ke kahoo o hlōlehileng ho phethahatsa tumellano ea oona le lichaba tse ling le ho hana ho hlompha litokelo tsa motheo tsa batho ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. Ho feta moo, Lekhotla le ka Holimo-limo le Lekhotla la Molao oa Motheo la Korea Boroa, le hlokomolohile taelo ea Komiti ea Litokelo Tsa Botho ha le ne le qhelela ka thōko boipiletso ba batho ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. Lekhotla la Naha ea Korea ha lea ka la lumella batho bana ho etsa mosebetsi o mong oa sechaba o sa amaneng le sesole ’me le hlōlehile le ho ba sireletsa.

Ho kenngoa teronkong ho amme bahlankana baa ba Lipaki Tsa Jehova joang?

Dae-il Hong: Bahlankana bana ba sebete. Ba ea liofising tsa ’muso ha ba bitsoa, le hoja ba tseba hore ba tla ahloloa le ho isoa teronkong tsamaisong ena ea hona joale. Ha ba ipate. Ke baahi ba behang mohlala o motle le ha ba se ba le teronkong. Ntho e utloisang bohloko ke hore ha ba lokolloa ba se ba e-na le tlaleho ea hore ba kile ba tlōla molao ’me seo se etsa hore ba thatafalloe ho fumana mosebetsi. Ba tinngoe monyetla oa ho thabela bophelo ka hore ba kenngoe teronkong ka selemo le halofo. Litho tsa malapa a bo bona li ’nile tsa lokela ho phela ntle le bona ha ba ntse ba le teronkong. Ha ho hlokahale hore ba hule ka thata hakana.

Na Lipaki Tsa Jehova tsa Korea li lokela ho ahloloa le ho kenngoa teronkong joaloka linokoane ka lebaka la ho hana tšebeletso ea sesole e qobeletsoeng?

Dae-il Hong: Che! Bahlankana bana hase linokoane. Lipaki Tsa Jehova li tsebahala Korea le lefatšeng lohle e le baahi ba bolokang molao le ba ikemiselitseng ho sebeletsa sechaba sa habo tsona. Li hlompha ba boholong ’musong, li boloka molao, li lefa makhetho le ho sebelisana le ’muso boitekong ba oona ba ho ruisa sechaba molemo. Morao tjena, moahloli oa lekhotla la setereke la Korea o ile a ahlolela mohlankana e mong oa Paki ho ea teronkong hobane a ile a hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. Ka mor’a hore a re ha ho na tsela e ’ngoe eo a neng a ka mo ahlola ka eona haese ho bolela hore o molato, moahloli eo o ile a bala qeto e entsoeng. Ka mor’a moo o ile a ikoahela sefahleho ka lipampiri ’me a lla. Ho bonahala eka kahlolo eo a ileng a e liha e hlokang toka, e ile ea mo utloisa bohloko hoo a ileng a hlōleha ho itšoara. Batho ba bang ba neng ba tlile nyeoeng le bona ba ile ba hlokomela ho hloka toka hoo, ’me le bona ba lla.

Philip Brumley: Kannete hona joale ke nako ea hore ’muso oa Korea o lokise bothata bona boo e leng khale bo le teng ’me o sebelise puso e hlomphang litokelo tsa motheo tsa batho ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli.

^ ser. 5 Komiti ea Litokelo Tsa Botho “Tlaleho ea Batho ba Etsang Tlhahlobo e Etsoang Nako le Nako Lefatšeng ka Bophara” la 12 December, 2012, A/HRC/22/10, leqephe 7 le 22, lirapa 44 le 124.53.

^ ser. 6 Jong-nam Kim et al. v. The Republic of Korea, communication no. 1786/2008, Maikutlo a ileng a amoheloa ke Komiti ka la 25 October, 2012, leqephe 8, serapa 7.4

^ ser. 7 Komiti ea Litokelo Tsa Botho “Tlaleho e mabapi le ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli,” la 3 June, 2013, A/HRC/23/22, leqephe 3-8, lirapa 6-24; leqephe 9 le 10, lirapa 32 le 33.