Fetela boitsebisong

LA 25 JANUARY, 2017
South Korea

“Qeto e Molemo ka ho Fetisisa ea Lekhotla”

“Qeto e Molemo ka ho Fetisisa ea Lekhotla”

Bahlankana ba bararo e leng Hye-min Kim, Lak-hoon Cho, le Hyeong-geun Kim ba ile ba tsoa ba thabile lekhotleng la maipiletso hobane ba ne ba nahanne hore ba tl’o ahloleloa ho ea teronkong. Ba ne ba sa lebella hore ba ka lokolloa kaha nyeoe ea bona e ne e amana le hore matsoalo a bona ha a ba lumelle hore e be masole. Selemo le selemo banna ba makholo ba ile ba tšoaroa Korea Boroa hobane matsoalo a bona a ne a sa ba lumelle hore e be masole. Ka lebaka la nyeoe ena e neng e sa ee moriting, bo-ntate ba bona le banna ba bang ba ka holimo ho 19 000 ba ile ba koalloa, kahoo le bona ba ne ba nahana hore ba tla koalloa. Qeto ea lekhotla la Gwangju la maipiletso ea hore ba fumanoe ba se na molato e ile ea etsa hore batho ba bang le bona ba shebe linyeoe tsa pele ka leihlo le fapaneng.

Lekhotla la Maipiletso le Etsa “Qeto e Molemo ka ho Fetisisa”

Bo-ralitaba ba ka bang 200 ba ile ba ngola ka nyeoe ena le ka li-tla-morao tsa qeto e entsoeng ke lekhotla la maipiletso ’me ba boela ba ngola le kamoo batho ba thahasellang qeto ena kateng. Koranta e ’ngoe e ile ea re ena ke qeto e molemo ka ho fetisisa, ha e ’ngoe eona e ile ea re ke e ’ngoe ea liqeto tse molemo ho tse hlano tse entsoeng ke lekhotla ka selemo sa 2016 Korea Boroa.

Qeto ena ea lekhotla la maipiletso e bontša hore maikutlo a litsebi tsa molao le baahloli a tla fetoha tabeng ena. Linyeoeng tse ngata tse ileng tsa e-ba teng, baahloli ba ile ba hlokomela hore baqosuoa ba ne ba hana ho ba masole hobane ba e-na le mabaka a utloahalang haholo le hore ho ba qobella ho ba masole kapa ho ba koalla hobane ba hana ho ba masole, ho ne ho tla be ho le khahlanong le bolokolohi boo ba nang le bona ba ho mamela matsoalo a bona. Baahloli bana ba ile ba bona hore banna bana ba na le mabaka a utloahalang. Ho fapana le hore ba re banna bao ba hana ho mamela molao, baahloli bao ba ile ba fumana banna ba 16 ba se molato likhoeling tse 20 tse fetileng.

Ramolao Du-jin Oh, eo e leng moemeli oa banna ba hanang ho ba masole hobane matsoalo a bona a ba hanela, o ile a re taba ena ea hore ebe banna bana ba hanang ho ba masole ba hlola linyeoe e se e ipheta. O ile a re: “Kea thaba hore ebe palo ea liqeto tse reng ha ba na molato e ntse e eketseha le lekhotleng le phahameng.”

Ba Labalabela Hore ho Etsoe Qeto

Batho ba Korea Boroa ba ne ba emetse hore lekhotla le phahameng le etse qeto. Lekhotla leo le ntse le sekaseka molao o tl’o thusa batho ba sa batleng ho kena sesoleng ka lebaka la matsoalo a bona kapa ka lebaka la bolumeli ba bona, khahlanong le molao o qobellang batho ho ba masole.

Dae-il Hong, e leng muelli oa Lipaki Tsa Jehova Korea o ile a re: “Malapa a likete Korea Boroa a lebeletse hore ho etsoe qeto e bontšang ho hlompha litumelo tsa bacha ba sa batleng ho qobelloa ho etsa lintho khahlanong le letsoalo la bona. Re shebetse pele ho bona qeto eo lekhotla le phahameng le tla e etsa e tla fa bacha bana seriti.”