Fetela boitsebisong

LA 11 MARCH, 2013
Türkiye

Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o re Turkey e Lokela ho Hlompha Matsoalo a Baahi ba Eona

Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o re Turkey e Lokela ho Hlompha Matsoalo a Baahi ba Eona

Bakreste ba limilione ba hana ho kenela sesole ka lebaka la matsoalo a bona​—’me linaha tse ngata li hlompha qeto eo. Komiti ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo Tsa Botho e fane ka taelo ea hore baahi ba Turkey le bona ba lokela ho fuoa tokoloho e tšoanang.

Qeto ea Komiti eo e entsoeng ka la 29 March, 2012, e ile ea e-ba ka lehlakoreng la baahi ba babeli ba Turkey, e leng Cenk Atasoy le Arda Sarkut. Banna bao ka bobeli ke Lipaki Tsa Jehova tse hanneng ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la seo ba se lumelang.

Monghali Atasoy le Monghali Sarkut ba ’nile ba romela likōpo tsa bona ka makhetlo liofising tsa ’muso ba hlalosa qeto ea bona ’me ba ile ba ithaopela ho etsa mesebetsi e meng e sa amaneng le sesole. Ho sa tsotellehe seo, banna bao ba ile ba phehelloa hore ba kenele sesole. Ka mor’a hore sesole se tšose ka hore se tla qosa univesithi e neng e hirile Monghali Sarkut e le mothusi oa morupeli, o ile a lelekoa mosebetsing.

Ha Komiti e ne e liha kahlolo e ile ea bontša hore tokelo ea ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la matsoalo a bona “e tsamaisana le tokelo ea tokoloho ea ho nahana, ea letsoalo le ea bolumeli,” tse hlalosoang ke Molao oa bo 18 oa Selekane sa Machaba sa Litokelo Tsa Baahi le Tsa Lipolotiki. Ho phaella moo, Komiti eo e ile ea liha kahlolo ea hore tokelo ena “e lumella motho e mong le e mong hore a lokolloe tšebeletsong e qobellang ea sesole haeba bolumeli ba hae kapa seo a se lumelang se mo hanela ho kenela tšebeletso eo.”

Kahlolo ena e tla hang ka mor’a hore Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le etse likahlolo tse peli tse tšoanang le eona. Ha Lekhotla le ne le ntša kahlolo e ’ngoe ea tsona le ile la re “ha Turkey e sa etse hore ho be le mesebetsi e meng ntle le tšebeletso ea sesole, e hatakela tokelo ea batho ea ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bolumeli” e lumellanang le Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho.

Ho hana tšebeletso ea bosole ka lebaka la letsoalo ke ntho ea khale joaloka Bokreste. E. W. Barnes, bukeng ea hae ea The Rise of Christianity, o ile a ngola a re: “Ha ho hlahlojoa boitsebiso bohle bo teng [bo bontša] hore, ho fihlela mehleng ea Marcus Aurelius [e leng moemphera oa Moroma oa ho tloha ka 161 ho ea ho 180 C.E.], ha ho Mokreste ea ileng a kenela sesole; ’me ha ho lesole, leo ka mor’a hore e be Mokreste, le ileng la tsoela pele e le lesole.””