Fetela boitsebisong

LA 17 MARCH, 2014
Türkiye

Turkey e Hana ho Amohela Melao ea Lekhotla la Europe Tabeng ea ho Hana Tšebeletso ea Sesole

Turkey e Hana ho Amohela Melao ea Lekhotla la Europe Tabeng ea ho Hana Tšebeletso ea Sesole

“Motho e mong le e mong oa Turkey ke lesole ka tsoalo.” Bana ba sekolo le banna bohle ba koetlisetsoang tšebeletso ea sesole ba rutoa mantsoe ana ’me a buuoa le ke bo-ralipolotiki. Banna bohle ba Turkey ba tlameha ho koetlisetsoa sesole, ’me mohla ba qalang koetliso ho etsoa mokete. Kahoo, ha ho makatse hore ebe ’muso oa Turkey o hana ho amohela hore motho o na le tokelo ea ho ikhethela hore na o batla ho koetlisetsoa tšebeletso ea sesole kapa che.

Turkey ke e ’ngoe ea linaha tse seng kae tseo e leng litho tsa Lekhotla la Europe tse sa hlompheng tokelo ea botho ea ho hana ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo

Leha ho le joalo, kaha naha ea Turkey ke setho sa Lekhotla la Europe, ’me e kenyelelitse melao ea Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho molaong oa eona oa motheo, Turkey e itlamme hore e tla mamela melao ea Lekhotla la Europe. Ho tloha ha Moifo o Moholo oa Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho [European Court of Human Rights (ECHR)] o etsa qeto nyeoeng ea Bayatyan v. Armenia, Turkey e tlangoa ke molao ho amohela qeto ea Lekhotla la Europe ea hore batho ba na le tokelo ea ho ikhethela hore na ba batla ho kenela tšebeletso ea sesole kapa che. Kaha e hana ho amohela qeto eo, batho ba Turkey ba hanang ho kenela tšebeletso ea sesole ba tobana le mathata.

Lilemong tse fetang 10 tse fetileng, banna ba 55 ba Lipaki Tsa Jehova ba ’nile ba ipiletsa ’musong oa Turkey hore o hlomphe tokelo ea bona ea ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole. Kaha boipiletso ba bona bo qheletsoe ka thōko, ba ’nile ba qosoa ka makhetlo, ba lefisoa chelete e ngata ’me ba bang ba kenngoa teronkong ka lilemo tse ngata. Hona joale bahlankana ba 15 ba Lipaki tsa Turkey ba qosoa khafetsa ka lebaka la ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole.

‘Ke Lokela ho Mamela Letsoalo la Ka’

“Ke lumela hore Naha ena e ke ke ea khona ho nqobella ho hatella letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka Bibele le mantsoe a hlahang ho Esaia 2:4, [ao] ke lumelang hore ke lokela ho a mamela.” Temana eo e tsebahalang, e ngotsoeng lejoeng le ka pel’a ntlo-khōlō ea Machaba a Kopaneng e New York City, e re batho ba khahlanong le ntoa ba tla ‘tea lisabole tsa bona hore e be mehoma, ’me ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.’ Feti Demirtaş, e leng moahi oa Turkey eo ka nako eo a neng a le lilemo li 25, o ne a nahanne ka mantsoe ana ha a bolela lebaka leo ka lona a ikemiselitseng ho ea teronkong ho e-na le ho kenela tšebeletso ea sesole. Kaha Feti ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o na le tumelo e matla ea hore o lokela ho mamela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Ka lebaka leo, Feti o ’nile a qosoa ka makhetlo a leshome ’me a hlola teronkong nako e fetang selemo le halofo.

Ha a ne a tšoeroe ka lekhetlo la pele, sajene e ile ea mo laela hore a apare junifomo ea sesole empa a hana eaba o khetha ho mamela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Molaoli oa sesole o ile a mo tlisa ka pel’a banna ba 400 ’me a mo laela hore a apare junifomo. Feti o ile a boela a hana. Lekhetlong lena, balebeli ba teronko ba ile ba mo rohaka, ba mo raha hloohong, mahetleng le maotong ’me ba mo jabela sefahlehong.

Ha a tšoaroa ka lekhetlo la bohlano ka April 2006, balebeli ba teronko ba ile ba mo qobella ho tsola e le hore a apare junifomo. Ha a hana ba ile ba mo koalla teronkong ea sesole ka matsatsi a mane. Ba ile ba leka ho mo qobella hore a inehele ka ho mo faselletsa betheng ea hae bosiu, motšehare teng ba mo faselletsa tšepeng. Feti o re: “Ke ne ke tšaba motšehare ’me ke sa robale bosiu kaha ke ne ke lula ke tšohile hore na ba tla nketsa’ng hape. Le hoja ke ne ke tetebetse maikutlo ka lebaka la ho tšoaroa hampe, ke ile ka lula ke ikemiselitse ho mamela letsoalo la ka.”

Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le Kenella Nyeoeng ea ho Hana ho Kena Sesoleng

Ka 2007 Feti Demirtaş o ile a isa nyeoe ea hae lekhotleng la ECHR, a bolela hore ’muso oa Turkey o hataketse litokelo tsa hae ka ho mo kenya teronkong ha a hana ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo la hae. Ka la 17 January, 2012 ECHR e ile ea liha kahlolo e emelang Feti, ea bolela hore o ile a tšoaroa ka sehlōhō a theoloa seriti a ba a hlokofatsoa. Ho feta moo, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ile la tiisa hore le emela tokelo ea hore motho a hane tšebeletso ea sesole ka lebaka la tumelo ea hae. *

Ka mor’a hore Lekhotla lena le rialo, Feti o ile a lebella hore ba boholong Turkey ba nyahlatse liqoso khahlanong le eena. Ha e le hantle, ’muso oa Turkey o ile oa mo lefa litšenyehelo tsa chelete e etsang li-euro tse 20 000 eo ECHR e ileng ea laela hore a e lefuoe. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse ’nѐ feela ECHR e lihile kahlolo nyeoeng ea Feti Demirtaş v. Turkey, Lekhotla la Sesole la Turkey le ile la boela la ahlolela Feti ho hlola teronkong likhoeli tse peli le halofo ka lebaka la ho hana ho kena tšebeletsong ea sesole. Feti o ile a ipiletsa ’me nyeoe eo e sa ntse e fanyehiloe Lekhotleng la Sesole.

Komiti ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng le Eona e Tšehetsa Tokelo ea Motho ea ho Hana ho Kena Tšebeletsong ea Sesole

Turkey e boetse e hlokomolohile litaelo tsa morao tjena tsa Komiti ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng. Ka 2008 Lipaki tse peli, e leng Cenk Atasoy le Arda Sarkut, ba ile ba hlahlela nyeoe lekhotleng leo la Machaba a Kopaneng, ba bolela hore ba boholong Turkey ba hataketse litokelo tsa bona ka ho ba ahlola khafetsa ha ba hana ho kenela tšebeletso ea sesole. Komiti ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng e ile ea ntša maikutlo a eona ka la 29 March, 2012, ’me ea re, ho “hana ha banna bana hore ba kenngoe sesoleng ho susumetsoa ke seo ba se lumelang” le hore “likahlolo tse ileng tsa lihuoa ka mor’a moo li ba sitisa ho mamela matsoalo a bona, ’me sena se khahlanong le molao oa 18 serapeng sa 1 oa [Selekane sa Machaba sa Litokelo tsa Sechaba le tsa Lipolotiki].”

Ba boholong Turkey ba ile ba nka bohato bofe ka litaelo tsee? Ba ntse ba lebeletse hore banna bana ba babeli ba itlalehe ho bona ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse ’nѐ * kapa ba ahloloe ba be ba lefisoe chelete e ngata.

Lipaki Tsa Jehova tsa Turkey li ikemiselitse ho phetha taelo ea Bibele ea hore li rate batho ba bang. Ha mohlankana oa Paki a biletsoa ho itlaleha bakeng sa tšebeletso ea sesole o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o tla arabela joang. Feti Demirtaş le Lipaki tse ling ba iketselitse qeto ea hore ha ba tšoara libetsa ba tlōla molao oa Bibele ’me ba siteloa matsoalo a bona.

Bahlankana bana ba lebeletse hore ’muso o boloke melao eo o itlammeng ka eona. ECHR le Komiti ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng li lebeletse hore Turkey e iphaphathe le likahlolo le litaelo tsa tsona, e leng se tla etsa hore ba boholong Turkey ba hlomphe tokelo ea botho ea ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole. Turkey e beheletsoe ka thōko Lekhotleng la Europe ho fihlela e hlompha tokelo ena ea motheo ea botho.

^ ser. 10 Lena e ne e se lekhetlo la pele ECHR e fetisa qeto ena khahlanong le Turkey tabeng ea ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo. Ka November 2011 Lekhotla lena le ile la liha kahlolo e emelang Paki e ’ngoe ea Turkey, e leng Yunus Erçep, ea ’nileng a qosoa ka makhetlo a 41 lilemong tse 14 ka lebaka la ho hana ho kena sesoleng sa Turkey.

^ ser. 14 Morao tjena ’muso o se o lebeletse hore bahlankana ba itlalehe bakeng sa tšebeletso ea sesole ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo.