Fetela boitsebisong

LA 04 OCTOBER, 2012
Ukraine

Toka ea Sebetsa Ukraine

Toka ea Sebetsa Ukraine

Ka la 26 September, 2012, Lekhotla le ka Holimo-limo la Ukraine le ile la thibela boiteko bo seng molaong ba ho nka sebaka se seholo seo e leng sa ofisi ea lekala ea Ukraine ea Lipaki Tsa Jehova.

Lipaki li ile tsa reka sebaka seo ka molao selemong sa 1998. Leha ho le joalo, ka 2008 mong’a sebaka seo oa pele o ile a se rekisa hape, a se rekisetsa Setsi sa Lipapali sa SDC (Sport Development Center LLC). Liketsahalo tse tjena li tloaetse ho bitsoa litlhaselo tsa litša naheng ea Ukraine.

Lekhotla la lehae le ile la etsa qeto ea hore konteraka ea ho rekisoa ha sebaka sena ho setsi sa SDC e ne e le molaong ’me boiteko ba Lipaki ba ho ipiletsa bo ile ba qheleloa ka thōko.

Leha ho le joalo, toka e ile ea sebetsa. Ka December 2011, lekhotla le ka holimo le ile la lihela kahlolo e neng e le ka lehlakoreng la Lipaki ’me ka April 2012 le ile la hana boipiletso ba setsi sa SDC. Sena se ile sa tiisa hore sebaka seo ke sa Lipaki Tsa Jehova ka molao. Likhoeli tse tharo hamorao lekhotla la boipiletso la motseng oa Lviv le ile la qhelela ka thōko kahlolo ea lekhotla la lehae le neng le re setsi sa SDC ke sona beng ba sebaka seo.

Setsi sa SDC se ile sa leka ho ipiletsa ka lekhetlo la ho qetela ka April, Lekhotleng la ka Holimo-limo la Ukraine. Leha ho le joalo, ka la 26 September, lekhotla le ile la hana boipiletso boo ka potlako ebile e le ka tsela e babatsehang ’me la etsa qeto ea moshoella tabeng ena.

Haeba boiteko bona bo ne bo ka atleha, Lipaki Tsa Jehova li ka be li ile tsa lahleheloa ke mehaho ea tsona ea tsamaiso le karolo e khōlō ea sebaka sa tsona ’me tsa sitisa mosebetsi oa tsona o ntlo-khōlō ea Ukraine