Fetela boitsebisong

LA 7 APRIL, 2014
Uzbekistan

Na Maemo a Tla ke a Ntlafale Bakeng sa Lipaki Tsa Jehova Tsa Uzbekistan?

Na Maemo a Tla ke a Ntlafale Bakeng sa Lipaki Tsa Jehova Tsa Uzbekistan?

Lipaki Tsa Jehova tsa Uzbekistan li na le tšepo ea hore ’muso oa Uzbekistan o tla li lumella hore li rapele ka bolokolohi li sa sitisoe. Igor Yurchenko, e leng moemeli oa Lipaki Tsa Jehova tsa Uzbekistan ea ileng a kena lipuisanong le ba boholong pusong ka 2013, o ile a re: “Re hlokometse hore ho na le phetoho lipuisanong tsa rōna le ba boholong pusong ea Uzbekistan ’me ba bonahala ba ikemiselitse ho fetola maemo. Re tšepa hore ka mor’a lipuisano tsena lintho li tla loka.”

Abdubannob Akhmedov

Ntho e ’ngoe e ileng ea re tsosa molota ke ha ba boholong Uzbekistan ba lokolla Abdubannob Akhmedov ka la 2 March, 2013, ka mor’a hore a hoehle lilemo tse ’nè le halofo ho tse tšeletseng le halofo tseo a neng a li ahloletsoe. E ne e le e mong oa Lipaki tse tharo tse ileng tšoareloa ho etsa tšebeletso ea bolumeli ka khotso. Tse ling tse peli li ile tsa lokolloa mathoasong a 2012. Hona joale ha ho na Lipaki tse chankaneng Uzbekistan.

Likhoeli tse ’maloa ka mor’a hore ho lokolloe Monghali Akhmedov, ’muso oa Uzbekistan o ile oa itlama hore o tla etsa liphetoho tse hlokahalang mabapi le ho hlompha litokelo tsa botho. Ka la 5 July, 2013, ’muso oa Uzbekistan o ile oa tlalehela Bahlahlobi ba Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng hore o ikemiselitse ho kenya tšebetsong litlhahiso tse ileng tsa etsoa tsa hore ’muso o tšehetse tokelo ea hore batho bohle ba thabele bolokolohi ba bolumeli, ba sa khetholloe.

Ho Etsoa Boiteko ba ho Ngolisa Liphutheho Tse Ncha

Hona joale, ho na le phutheho e le ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova e ngolisitsoeng ka molao Uzbekistan, e motseng oa Chirchik, o Tashkent. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li lula likarolong tse ling tsa naha. Kaha ha li e-s’o ngolise liphutheho tse ncha ho tloha ka 1996, Lipaki li ntse li kopana bakeng sa borapeli empa ha lia sireletseha ka molao ’me li ka fumana kotlo. Monghali Yurchenko o ile a phaella ka ho re: “Re tšepa hore lipuisano tse ntseng li tsoela pele le ba boholong li tla tlisa liphetoho tse tla fella ka hore liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova ho pholletsa le Uzbekistan, li ngolisoe ka molao.”

Lipaki Tsa Jehova li na le tšepo ea hore li tla rapela ka bolokolohi le ka khotso Uzbekistan le hore haufinyane ’muso o tla ngolisa liphutheho tse ncha.