Fetela boitsebisong

LA 15 JANUARY, 2013
FIJI

Leholiotsoana le Bitsoang Evan le Hlasela Lihlekehleke Tse ka Boroa ho Pacific

Leholiotsoana le Bitsoang Evan le Hlasela Lihlekehleke Tse ka Boroa ho Pacific

Suva, FIJI—Bohareng ba December 2012, Fiji le Samoa li ile tsa hlaseloa ke leholiotsoana le kotsi ka ho fetisisa. Leholiotsoana lena la Evan le hlalosoang e le le matla ka ho fetisisa le kileng la hlasela Fiji lilemong tse 70 tse fetileng, le bakile tšenyo e tšabehang e ileng ea qobella batho ba bangata ho baleha sebakeng seo la ba la senya mehaho. Mohlalosi e mong o ile a re tšenyo e Samoa e tšoana le e ileng ea bakoa ke koluoa ea tsunami ka 2009.

Lipaki Tsa Jehova ha lia tlaleha litho tse shoeleng kapa tse tsoileng likotsi ketsahalong eo. Leha ho le joalo, leholiotsoana leo le sentse matlo a mangata a Lipaki. Litlhahlobo tse ileng tsa etsoa pejana Fiji, li ile tsa bontša hore matlo a fetang 80 a Lipaki a ile a senyeha ha a mang a ile a heleha. Sehlekehlekeng sa Samoa se bitsoang Upolu, Lipaki tse 47 li ile tsa lokela ho siea matlo a tsona e le ha li baleha sefefo.

Mahlatsipa a Samoa a ileng a lokela ho siea mahae a ’ona, a ile a fumana bolulo ba nakoana libakeng tsa borapeli tsa Lipaki Tsa Jehova, hammoho le malapeng a mang a Lipaki. Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Australia, e ile ea hlophisa mosebetsi oa ho fana ka liphallelo Samoa. Ho tloha ka la 18 December, lijo le thepa e hloekisang li ile tsa fuoa liphutheho tsa motseng oo ’me metsi a hloekileng a khuoa ofising ea phetolelo ea Lipaki Tsa Jehova. Lipaki li ile tsa boela tsa etsa boiteko ba ho lokisa matlo a senyehileng ’me tsa sebelisa mochine o ntšang metsi ka matla ho hloekisa matlo a tletseng seretse le metsi. Fiji, batho ba hlasetsoeng ke sefefo ba ile ba thusoa ka potlako ke likomiti tsa liphallelo, tseo litho tsa tsona e leng baithaopi ba Lipaki. Hona joale likomiti tseo li shebane le lintho tseo Lipaki tse senyehetsoeng ke masimo li tla li hloka ha nako e ntse e ea.

Tevita Sadole, e leng ’muelli oa Lipaki Tsa Jehova oa mecheng ea phatlalatso Fiji, o ile a re: “Ho na le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa ka mor’a koluoa ena, empa re atleha ho o etsa. Re ikemiselitse ho thusa litho tsa rōna le baahelani matsatsing a tlang.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Australia: Donald MacLean, tel. +61 2 9829 5600

Fiji: Tevita Sadole, tel. +679 330 4766