Fetela boitsebisong

LA 14 AUGUST 2020
LEBANON

Motse oa Beirut o Lebanon o Ruthuthoa ke ho Phatloha ho Tšosang

Motse oa Beirut o Lebanon o Ruthuthoa ke ho Phatloha ho Tšosang

Ka la 4 August 2020 ho ile ha e-ba le ho phatloha ho tšosang ho ileng ha senya kou e motseng oa Beirut, e leng motse-moholo oa naha ea Lebanon. Koluoa ena e ile ea ntša batho ba likete likotsi ea ba ea baka tšenyo e e-s’o bonoe. Matlo a ’maloa a bara le barali ba bo rona a ile a senyeha. Ka bomalimabe, bara le barali ba bo rona ba seng bakae ba ile ba tsoa likotsi tse mpe, empa ha ho le ea mong oa Bakreste-’moho le rona ea ileng a hlokahala nakong ea koluoa ena.

Re kholisehile hore Molimo oa rona o tla ’ne a thuse bahlanka ba hae ka tsohle tseo ba li hlokang kaha o seatla se bulehileng.​—2 Samuele 22:3.