Fetela boitsebisong

LA 1 AUGUST, 2014
LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki li Letšolong la ho Tsebisa Batho Websaete e Fetoletsoeng ka Lipuo Tse Ngata ka ho Fetisisa ea, JW.ORG

Lipaki li Letšolong la ho Tsebisa Batho Websaete e Fetoletsoeng ka Lipuo Tse Ngata ka ho Fetisisa ea, JW.ORG

NEW YORK—Ka la 1 August, 2014, Lipaki Tsa Jehova li tla thakhola letšolo le tla nka khoeli la ho tsamaisa pampitšana e ncha e reng, Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae? e tsebisang batho ka websaete ea rōna e molaong ea jw.org. Websaete ena ea jw.org e fumaneha ka lipuo tse ka bang 500, e na le lingoliloeng tse ka kopitsoang ka lipuo tse ka bang 700 ’me e fetoletsoe ka lipuo tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng.

Batho ba fetang milione ba kena ho jw.org letsatsi le letsatsi. Websaete ena e na le lihlooho le livideo tse fanang ka likeletso bakeng sa batho ba lilemo tsohle, ba merabe eohle le ba maemo ’ohle. U ka shebella e ’ngoe ea livideo tsa eona ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?, ha u skena letšoao la QR le pampitšaneng ena e ncha. Video ena e bontša litšoantšo tsa lintho tse etsahalang bophelong e le hore e hlalose melemo ea ho ithuta Bibele. Hona joale e fumaneha ka lipuo tse fetang 450 ’me e se e kopilitsoe ka makhetlo a ka bang limilione tse 4 ho tloha ha e ne e behoa websaeteng ka la 18 November, 2013.

Raliphatlalatso oa Lipaki Tsa Jehova ntlo-khōlōng ea tsona e Brooklyn, New York e leng, J. R. Brown, o re: “Re thabetse letšolo lena haholo. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse ka bang limilione tse robeli lefatšeng ka bophara ’me kaofela ha rōna re tla be re bolella baahelani ba rōna ka websaete ena. E ka ’na eaba letšolo lena e tla ba le leholo ka ho fetisisa ho ao re kileng ra ba le ’ona.”

Geoffrey Jackson, e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, o re: “Ho tloha ha jw.org e ne e thakholoa lilemong tse peli tse fetileng, batho lefatšeng lohle ba ruile molemo haholo. Websaeteng ena, u ka shebella livideo tse ka thusang bana ba hao, ua fumana lihlooho tse ka thusang lelapa la hao ’me u ka ba ua bala Bibele ho eona. Re batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba rue molemo ho jw.org ke kahoo re ileng ra qala letšolo lena le khethehileng.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000