Fetela boitsebisong

LA 16 MAY, 2013
LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki Tsa Jehova li Qalisa Likopano Tsa “Lentsoe la Molimo ke ’Nete!”

Lipaki Tsa Jehova li Qalisa Likopano Tsa “Lentsoe la Molimo ke ’Nete!”

NEW YORK—Lipaki Tsa Jehova li ntse li lokisetsa ho tšoara likopano tsa selemo le selemo le letšolo la ho mema batho hore ba be teng ho tsona. Sehlooho sa kopano ea selemong sena se re “Lentsoe la Molimo ke ’Nete!” Lipaki li tla qala ho tšoara likopano tsena United States ka May ’me li tsoele pele ho fihlela mafelong a December.

J. R. Brown, e leng ’muelli oa Lipaki o re: “Sehlooho sa kopano ea selemong sena ke sa bohlokoa hobane se hatisa lintlha tsa bohlokoa bakeng sa malapa a Lipaki Tsa Jehova. Lipaki li nka Bibele e le eona e fanang ka tataiso eo li ka e tšepang hape e le mohloli oa keletso linakong tsena tse thata. ’Me re nahana hore le batho ka kakaretso ba tla rua molemo le ho thabela lenaneo lena le fanang ka likeletso tseo ba ka li sebelisang.”

Monghali Brown o re Lipaki Tsa Jehova li nka hore ke habohlokoa hore motho a iphe nako ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Beke le beke malapa a Lipaki a tšoara “Borapeli ba Lelapa” e leng mantsiboea ao li a beheletseng ka thōko hore li ithute Bibele le ho etsa lipatlisiso. Monghali Brown o phaella ka ho re: “Likopano tsa selemong sena li tla fa malapa le batho ka bomong lintho tse tla ba thusa hore ba ithute Bibele. Selemo le selemo Lipaki li lebella ho fumana ‘ho hong ho ho cha’ likopanong tsa tsona.”

E le hore u fumane matsatsi le libaka tsa Likopano Tsa Setereke tsa 2013 tsa “Lentsoe la Molimo ke ’Nete!” e ea Websaeteng e molaong ea Lipaki ho jw.org/st. Baqolotsi ba litaba ba ka letsetsa ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, e le hore ba fumane lintlha tse eketsehileng, tse akarelletsang mabitso a raliphatlalatso oa sebakeng seo hore a ba thuse ka boitsebiso boo ba bo hlokang.

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000