Fetela boitsebisong

LA 13 MARCH, 2014
LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki Tsa Jehova li Lokolla Bibele e Khōlō e Ntlafalitsoeng

Lipaki Tsa Jehova li Lokolla Bibele e Khōlō e Ntlafalitsoeng

NEW YORK—Kaha Lipaki Tsa Jehova li batla hore Bibele e fumanoe ke batho ba bangata kamoo ho ka khonehang, li lokolla Bibele e khōlō ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Senyesemane. Bibele ena e ntse e hatisoa United States le Japane ’me ho tla qaloa ka ho hatisoa likopi tse 424 000.

Lipaki li ile tsa lokolla Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Senyesemane e ntlafalitsoeng, e boholo bo tloaelehileng sebokeng se khethehileng se ileng sa tšoaroa ka la 5-6 October, 2013, se ileng sa phatlalatsoa linaheng tse 31. Bibele ena e ntlafalitsoeng, e lokollotsoeng ka 2013 e fetoletsoe ka tsela e utloahalang haholo ho feta phetolelo ea 1984. Ka la 7 October, 2013, Lipaki li ile tsa etsa hore Bibele ena e fumanehe ho app e bitsoang JW Library, e ka sebetsang lisebelisoeng tse ngata tsa elektronike ’me e se e kopilitsoe ka makhetlo a ka bang a limilione tse 1,4. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane e ntlafalitsoeng, e boetse e fumaneha inthaneteng ho www.pr418.com ’me e ka kopitsoa ka lifomete tse fapaneng.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane e ntlafalitsoeng, ka lifomete tsohle tseo e fumanehang ka tsona, e na le litšupiso tse ka bang 60 000 tse thusang babali hore ba utloisise hamolemo moelelo oa litlaleho tsa Bibele. E boetse e na le litšoantšo tse mebala, limmapa tsa linaha tsa mehleng ea Bibele le lichate tse hlalosang ka ho qaqileng hore na bophelo bo ne bo le joang mehleng eo. Ho na le sehlomathiso se nang le lihlooho tse buang ka melao e lateloang ha ho fetoleloa Bibele le histori ea kamoo Bibele e ileng ea ngoloa le ho sireletsoa kateng.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane ea 1984 e ne e se e ntse e e-na le lebitso la Molimo ka makhetlo a ka bang 7 000. Leha ho le joalo, phetolelo e ntlafalitsoeng ea 2013, e boetse e bontša hore ho ile ha etsoa lipatlisiso morao tjena mabapi le hore na lebitso la Molimo le hlaha hokae libukeng tsa Bibele tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho. Ka mor’a ho hlahloba Meqolo ea Leoatle le Shoeleng le libuka tse ling tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho, lebitso la Molimo le boetse le hlaha litemaneng tse ling tse tšeletseng Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane e ntlafalitsoeng. Litemana tseo ke Baahloli 19:18; 1 Samuele 2:25; 6:3; 10:26; 23:14, 16. Ho na le sehlomathiso se tšohlang kamoo lebitso la Molimo le neng le ngoloa kateng Seheberung le Segerikeng sa boholo-holo hammoho le kamoo le hlahang kateng Libibeleng tsa lipuo tsa mehleng ena.

Ka lilemo tse ngata Lipaki li ’nile tsa hatisa, tsa aba le ho fetolela Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ’me litsebi li ’nile tsa e hlompha haholo ka lebaka la hore e nepahetse. Ka 1961, Bibele ena e ile ea fumaneha e feletse ka lekhetlo la pele, ka Senyesemane. Ka 1963, koranta ea The New York Times e ile ea tlaleha hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e tla fumaneha ka lipuo tse ling tse tšeletseng, joalokaha ho ile ha phatlalatsoa kopanong ea Lipaki e neng e tšoaretsoe Lebaleng la Lipapali la Yankee. Ho tloha ka nako eo Bibele ena e ’nile ea fumaneha ka lipuo tse fetang tse 120. Ka mor’a ho hlokomela hore puo ea fetoha le hore ho boetse ho hlokahala hore lipolelo tse ling tsa Bibele li hlakisoe e le hore batho ba e utloisise le ho e bala phollatsi, Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e ile ea etsa qeto ea ho ntlafatsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane e ntlafalitsoeng e akarelelitse lintlafatso tsa morao-rao ha ho fetoleloa Bibele.

J. R. Brown, raliphatlalatso oa Lipaki Tsa Jehova ntlo-khōlōng ea tsona, o re: “Re ile ra thaba haholo ha re fumana Bibele ea pele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane lilemo tse fetang tse 50 tse fetileng ’me ho thabisa le ho feta ho fumana ena ea morao-rao. Morero oa rōna ke ho etsa hore batho bohle ba utloisise Mangolo a Halalelang, ka puo e nepahetseng e nang le seriti le e buuoang mehleng ena.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000