Fetela boitsebisong

LA 4 FEBRUARY 2020
RUSSIA

Lekhotla la Russia le Phatlalatsa Hore Mor’abo Rona Kim le Polevodov ba Molato

Lekhotla la Russia le Phatlalatsa Hore Mor’abo Rona Kim le Polevodov ba Molato

Ka la 4 February 2020, Lekhotla la Zheleznodorozhniy le motseng oa Khabarovsk le ile la phatlalatsa hore mor’abo rona Stanislav Kim le mor’abo rona Nikolay Polevodov ba molato. Le ile la ba fa kahlolo ea lilemo tse peli teronkong empa li ile tsa fanyehoa. Ha ba tl’o koalloa, empa ba tl’o qeta lilemo tseo tse peli ba behiloe leihlo ke ba boholong pusong. Bara ba bo rona bana ka bobeli ba tl’o etsa boipiletso bakeng sa kahlolo ena. Ba boetse baa ameha nyeoeng e ’ngoe hape e ileng ea bueloa Lekhotleng la Setereke le hona motseng oo oa Khabarovsk. Ha ho e-s’o tsebahale hore na lekhotla le tla phatlalatsa kahlolo neng.