Fetela boitsebisong

LA 19 JANUARY 2021
RUSSIA

Lekhotla la Russia le Qhela Boipiletso ba Mora oa bo Rona Sergey Ledenyov

Lekhotla la Russia le Qhela Boipiletso ba Mora oa bo Rona Sergey Ledenyov

La 19 January 2021, Lekhotla la Profinse ea Kamchatka le ile la qhela boipiletso ba Mora oa bo rona Sergey Ledenyov. Kahoo, kahlolo ea pele e fanyehiloeng ea chankana ea lilemo tse peli ha ea fetoloa. Sena se bolela hore ha ho hlokahale hore a ee chankaneng hona joale.

Pele lekhotla le phatlalatsa qeto ea lona nyeoeng ea boipiletso, Sergey o ile a fuoa monyetla oa ho bua le lekhotla. O ile a emela tumelo ea hae ka sebete ’me a bolela pepenene hore o ikemiselitse ho rapela Jehova. O itse: “Tumelo ea ka ha ea thehoa ho melao ea mokhatlo ofe kapa ofe, empa e thehiloe Bibeleng. Ka mohlala, ‘ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo’, hape ‘Jehova ke lebitso la hae.’ (Baheberu 3:4; Exoda 15:3) Ha ho na kahlolo [ea tlolo ea molao] e ka hlakolang mantsoe ao ka Bibeleng le ka pelong ea ka.”