Fetela boitsebisong

LA 31 OCTOBER, 2013
RUSSIA

Moifo o Moholo oa Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho o Qhelela ka Thōko Kōpo ea Russia ea Hore le Hlahlobe Bocha Kahlolo ea Lekhotla

Moifo o Moholo oa Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho o Qhelela ka Thōko Kōpo ea Russia ea Hore le Hlahlobe Bocha Kahlolo ea Lekhotla

Ka Mantaha oa la 7 October, 2013, Moifo o Moholo oa Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho o ile oa qhelela ka thōko kōpo ea Russia ea hore ho hlahlojoe bocha kahlolo eo Lekhotla le ileng la e liha ka la 6 June, e neng e ama Lipaki Tsa Jehova. Lekhotla le ile la fumana Russia e le molato oa ho hatakela litokelo tsa botho, ’me la laela ’muso hore o lefe Mofumahatsana V. Zhukova le Mofumahatsana Y. Avilkina litšenyehelo tsa lieuro tse 5 000 (R68 600) motho ka mong. Nyeoeng ena, ba boholong Russia ba ne ba ile ba inkela litokomane tsa batho bana sepetlele ntle ho tumello ea bona. Russia e ile ea kōpa hore nyeoe eo e fetisetsoe ho Moifo o Moholo oa Lekhotla, o nang le matla a ho e hlahloba bocha. Leha ho le joalo, Lekhotla le ile la hana kōpo ea Russia. E leng se bolelang hore kahlolo ea la 6 June, ke ea moshoelella, kahoo, Russia e tlameha ho hlompha litokelo tsa botho maemong a joalo e be e lefe litšenyehelo tseo e li laetsoeng ke Lekhotla.

Raliphatlalatso:

Raliphatlatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Russia: Grigory Martynov, tel. +7 812 702 2691