Fetela boitsebisong

Mor’abo rona Gennady Shpakovskiy o qeta ho lokolloa teronkong, o na le mosali oa hae, ’mè Tatiana le morali oa hae, Maria

LA 3 AUGUST 2020
RUSSIA

Mor’abo Rona Gennady Shpakovskiy o Lokolotsoe Teronkong

Mor’abo Rona Gennady Shpakovskiy o Lokolotsoe Teronkong

Ka ’Mantaha oa la 3 August 2020, Lekhotla la Setereke le motseng oa Pskov le ile la liha kahlolo ea ho lokolla mor’abo rona Gennady Shpakovskiy teronkong. Lekhotla le ntse le mo nka a le molato, empa ha a sa tl’o hoehla lilemo tse tšeletseng le halofo chankaneng. Lekhotla le mo ahlotse hore a li qete a ntse a behiloe leihlo ke ba boholong pusong. Lihora tse seng kae ka mor’a hore lekhotla le lihe kahlolo eo, mor’abo rona Sphakovskiy o ile a lokolloa. Bochochisi bo na le tokelo ea ho ipiletsa.