Fetela boitsebisong

Mor’abo rona Yevgeniy Spirin seleng e ka khotla

La 9 JULY 2020
RUSSIA

Mor’abo Rona Yevgeniy Spirin o Ahloleloa Lilemo Tse Supileng Teronkong Russia

Mor’abo Rona Yevgeniy Spirin o Ahloleloa Lilemo Tse Supileng Teronkong Russia

Lekhotla la Furmanovsky le toropong ea Ivanovo ho ne ho ka etsahala hore le phatlalatse qeto ea lona ka la 14 July 2020 e mabapi le nyeoe ea Mor’abo rona Yevgeniy Spirin. Mochochisi o ile a kopa hore Mor’abo rona Spirin a ahloleloe lilemo tse supileng teronkong.

Mor’abo rona Spirin ea lilemo li 34, o qosoa ka hore o hlophisa mesebetsi ea mokhatlo oo ’muso oa Russia o reng o fetelletsa litaba. Nyeoe ea hae e ile ea qala ka la 21 January 2019 ke mofuputsi oa lebatooa oa Federal Security Service (FSB). Matsatsi a tšeletseng hamorao, mahlahana a FSB a ile a phahla ntlo ea Mor’abo rona Spirin le mofumahali oa hae ’mè Natalya. Lekhotla la Setereke la Oktyabrsky le toropong ea Ivanovo le ile la laela hore Mor’abo rona Spirin a koalloe likhoeli tse peli seleng eo ho koalloang batho ho eona pele nyeoe ea bona e buuoa hobane feela e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Nako eo e ile ea eketsoa hamorao.

O ile a lokolloa teronkong ka la 5 July 2019, ’me a koalloa ha hae ka mor’a ho qeta matsatsi a 160 a le litlamong. Ka la 18 December 2019, Lekhotla la Setereke la Oktyabrsky la Sebaka la Ivanovo le ile la laela hore Mor’abo rona Spirin a lokolloe litlamong ha hae ho sa tsotellehe boipelaetso ba bafuputsi. Ha baa ka ba mo behela lithibelo tse ling.

Re rapela ka kholiseho eohle hore ntate oa rona ea lerato Jehova, o tla tsoela pele a e-na le bara ba bo rona ba Russia ba hlorisoang ka lebaka la tumelo ea bona.​—1 Petrose 4:14.