Fetela boitsebisong

LA 14 FEBRUARY, 2013
RUSSIA

Russia: Thibelo e Seng Molaong ea Hore Batho ba Bokane Hammoho ka Bolokolohi

Russia: Thibelo e Seng Molaong ea Hore Batho ba Bokane Hammoho ka Bolokolohi

Ka la 5 December, 2012, Lekhotla la Molao oa Motheo la Russia le ile la bolela hore ha ho hlokahale hore malumeli a kōpe tumello ea ’muso pele a tšoarela mekete ea bolumeli libakeng tse ling. Nyeoe e neng e hlahletsoe ke Lekhotla le Ikemetseng le Loanelang Litokelo Tsa Botho la ’muso oa Russia, e ne e le bohlokoa ho Lipaki Tsa Jehova tse hlophisang likopano tsa selemo le selemo tse tšoareloang libakeng tse hiriloeng le malapeng a batho. Lekhotla la Molao oa Motheo le ile la etsa qeto ea lona le itšetlehile ka linyeoe tseo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa li hlōla Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho. Grigory Martynov, e leng ’muelli oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a re: “Re tšepa hore qeto ena e tla re lumella ho kopana hammoho ntle ho tšitiso le ho etsa hore ho be le tokoloho ea bolumeli Russia.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Russia: Grigory Martynov, tel. +7 812 702 2691