Fetela boitsebisong

LA 3 MARCH, 2014
RUSSIA

Lekhotla la Boipiletso la Russia le Hlompha Litokelo Tsa Botho ka ho Hana ho Thibela Websaete ea JW.ORG

Lekhotla la Boipiletso la Russia le Hlompha Litokelo Tsa Botho ka ho Hana ho Thibela Websaete ea JW.ORG

Ka la 22 January, 2014, baahloli ba bararo ba Lekhotla le Phahameng la Tver ba ile ba hanyetsa qeto eo lekhotla le tlaasana le ileng la e etsa ea ho thibela websaete e molaong ea Lipaki Tsa Jehova ea jw.org. * Ho fapana le liqeto tse ling tseo makhotla a Russia a ileng a li etsa lilemong tse ’maloa tse fetileng, Lekhotla le Phahameng le ile la sebelisa molao ho hanyetsa boiteko ba mochochisi ba ho thibela websaete ena.

Ho hlorisoa ha Lipaki Tsa Jehova ho hlohlelletsoang ke ’Muso oa Russia ho ile ha mpefala le ho feta ka la 7 August, 2013, ha lekhotla le tlaasana la Tver (le bohōle ba lik’hilomithara tse 160 ka leboea-bophirimela ho Moscow) le etsa qeto ea ho thibela websaete ea jw.org, nyeoeng e ileng ea nka metsotso e 25 feela. Baemeli ba Lipaki Tsa Jehova ba ne ba sa tsebisoa ka nyeoe ena ebile ha baa ka ba fumana monyetla oa ho hanyetsa liqoso tsena tse entsoeng ke mochochisi oa motseng le ho ikemela lekhotleng le tlaasana. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa utloa ka ho thibeloa ha websaete ena mecheng ea liphatlalatso ka la 12 September, 2013 lihora pele nako ea hore li ipiletse e fela. Ka eona nako eo li ile tsa ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la Tver.

Nyeoeng ea boipiletso e ileng ea tšoaroa ka la 22 January, 2014, Lekhotla le Phahameng le ile la hlokomela hore ho ne ho hataketsoe litokelo tsa beng ba websaete ena e leng Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ’me le ile la laela hore ho be le nyeoe e ’ngoe hape moo mahlakore ka bobeli a tla fumana monyetla oa ho ipuella. Mochochisi ea neng a tšehelitsoe ke baemeli ba tsoang Lefapheng la Toka le Lefapheng la Litaba Tsa Lehae, o ile a kōpa lekhotla hore le phatlalatse hore websaete ena e fetelletsa lintho le hore e thibeloe ho pholletsa le Russia. Lekhotla le Phahameng le lokela ho babatsoa hobane le ile la qhelela kōpo eo ka thōko.

Ho hlorisoa ha Lipaki Tsa Jehova hoa qala naheng eohle—’muso o sitisa litšebeletso tsa tsona ka ho sebelisa hampe molao oa ho thibela mekhatlo ea majela-thōko. Ho tloha ka 2009, ba boholong Russia ba ile ba sebelisa hampe Molao oa ’Muso oa ho Thibela Mekhatlo ea Majela-thōko ho hlorisa Lipaki Tsa Jehova le ho feta naheng eohle. Ba boholong ba ile ba sebelisa molao ona hampe ho lokafatsa:

  • ho tšoaroa ha Lipaki Tsa Jehova tse fetang 1 600;

  • ho thibeloa ha lingoliloeng tsa tsona tse 70;

  • ho phenyekolla matlo a tsona a 171 le libaka tsa tsona tsa borapeli; le

  • ho sitisa litšebeletso tsa tsona ka makhetlo a 69 ho fihlela joale.

Nyeoeng ea Tver, mochochisi o ne a batla hore websaete ea jw.org e thibeloe hobane a re e na le lingoliloeng tse tšeletseng tseo ho tlalehoang hore li fetelletsa lintho. Lekhotla la Setereke sa Tsentralniy la Tver, le ile la sebelisa molao oa ho thibela mekhatlo ea majela-thōko e le motheo oa ho etsa qeto ea ho thibela websaete ea jw.org ka la 7 August, 2013, le ho e kenya Lethathamong la Naha la Boitsebiso bo Fetelletsang Litaba.

Ho hlakile hore qeto ena ha e utloahale kaha e sitoa ho finyella morero oa eona e leng ho felisa libuka tseo ho thoeng li fetelletsa litaba websaeteng—ka mohlala ha Lekhotla le Phahameng le hlokomela hore beng ba websaete ena ba ile ba tlosa lingoliloeng tsohle tseo ho neng ho boleloa hore li feteletsa lintho, le ile la etsa qeto ea hore ha ho sa na lebaka le etsang hore e thibeloe. Ho se ho entsoe qeto le hoja mochochisi a ntse a e-na le likhoeli tse tšeletseng ho kenya kōpo ea hore qeto eo e hlahlojoe hape.

Na qeto ea Lekhotla le Phahameng la Tver e fana ka tšepo ea hore maemo a tla ntlafala?

Ho na le lintho tse ngata tse hlokang ho lokisoa. Qeto eo Lekhotla le Phahameng la Tver le e nkileng e hanyetsana le tseo makhotla a Russia a li entseng ho hatella Lipaki Tsa Jehova. Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR [European Court of Human Rights]) le se le ile la seolla makhotla a Russia ka makhetlo ka lebaka la ho hatakela bolokolohi ba bolumeli ba Lipaki. Ho e-na le ho kenya tšebetsong seo ECHR e se buileng, Russia e ile ea tsoela pele ho etsa melao e mengata e hatakelang litokelo tsa botho. E le ha li leka ho sireletsa tokelo ea tsona ea borapeli, morao tjena Lipaki Tsa Jehova li kentse likōpo tse 23 tsa boipiletso khahlanong le Russia tse ntseng li emetse ho hlahlojoa ke ECHR.

Na qeto ea Lekhotla le Phahameng la Tver e fana ka tšepo ea hore maemo a tla ntlafala? Lipaki Tsa Jehova li tla lula li letetse ho bona hore na Russia e tla ikarabella joang qetong ena le liqetong tse ling tse tla latela tsa ECHR.

^ ser. 2 Hore ebe lekhotla le thibetse websaete ena, seo hase bolele hore batho ba ke ke ba kena ho eona. Empa, le tla qosa motho e mong le e mong ea khothalletsang ba bang hore ba kene ho eona.