Fetela boitsebisong

LA 2 JULY, 2013
RUSSIA

Lekhotla la Europe le Sireletsa Litokelo Tsa Botho Nyeoeng e Amang Lipaki Tsa Jehova

Lekhotla la Europe le Sireletsa Litokelo Tsa Botho Nyeoeng e Amang Lipaki Tsa Jehova

NEW YORK—Ka Labone la la 6 June, 2013, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR), le ile la laela Russia hore e lefe Mofumahatsana V. Zhukova le Mofumahatsana Y. Avilkina, lieuro tse 5 000 (R65 000). Ba boholong Russia ba ile ba batla rekoto ea bona ea bongaka ntle ho tumello. Lekhotla le ile la liha kahlolo ea hore ho hataketsoe litokelo tsa bona tsa botho, e leng hore Russia e tlōtse “molao-motheo oa bohlokoa” oa Tumellano ea Linaha Tsa Europe.

Lekhotla le ile la liha kahlolo ka mor’a lilemo tse hlano nyeoe ena e ntse e tsoela pele. Ka 2007, Motlatsi oa Mochochisi oa Motseng oa St. Petersburg o ile a laela hore lingaka le lipetlele tsa motseng oo li romele “mabitso a Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa hana ho tšeloa mali kapa metsoako ea ’ona” ofising ea mochochisi, empa a sa fana ka tlhokomeliso kapa hona ho fumana tumello ea mokuli. Ka mor’a moo, ka la 9 March, 2009, Lipaki li ile tsa kenya kōpo ea ho ipelaetsa ea Avilkina and Others v. Russia ho ECHR. Lekhotla le ile la liha kahlolo ea hore Russia e hateletse batho ’me la re ha ho na mabaka a utloahalang a hore ebe e fane ka boitsebiso ba botho ho ba boholong.

Ha a bua ka se ileng sa etsahala nyeoeng eo, Grigory Martynov, e leng ’muelli oa Lipaki Tsa Jehova Russia, o re: “Qeto ena e entsoeng ke Lekhotla, e tla etsa hore litokelo tsa baahi bohle ba Russia, hammoho le batho ba linaheng tse ling tse tlas’a Lekhotla la Europe li sireletsoe.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Russia: Grigory Martynov, tel. +7 812 702 2691