Fetela boitsebisong

LA 11 FEBRUARY, 2013
RUSSIA

“Ha re sa Phela Mehleng ea bo 1937”

“Ha re sa Phela Mehleng ea bo 1937”

Ka la 16 April, 2012, toropong ea Perm’ e Russia bohareng, Aleksandr Solovyov, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a lefisoa li-ruble tse 1 000 (e leng liranta tse 300) ka lebaka la ho hlophisa ‘seboka sa bolumeli se seng molaong,’ holong e neng e hiriloe.

Ka mor’a hore moahloli oa lekhotla la setereke a mamele ka hloko “bopaki” bohle bo khahlanong le Solovyov, o ile a fetola qeto e neng e entsoe ke lekhotla le tlaasana ’me a hlakola tefiso eo.

Moahloli o ile a bala qeto eo ’me a sheba Paki ena e hlōtseng nyeoe ’me a re ho eona: “Ho sa tsotellehe melao e sa tsitsang le lehloeo le teng ho batho ba bang, ha re sa phela mehleng ea bo 1937 ha habonolo feela re ne re iphapanyetsa lintlha tse totobetseng. E se e ka tikoloho ea rōna e ka ba e hloekileng haholo ’me e be le boitšoaro ka lebaka la thuto ena eo le fanang ka eona.””

Ka July 1937, Stalin eo e neng e le ’musi ea hatellang oa Soviet o ile a ntša taelo ea bo 00447, e neng e tla thakhola nako ea matšoenyeho. Mang kapa mang ea neng a e-na le maikutlo a fapaneng le a ’muso o ne a tšoaroa ’me a tlisoa ka pel’a lekhotla a qosoa esita leha ho se na bopaki bo utloahalang. Litlaleho tsa nakong e fetileng li bontša hore batho ba likete ba ile ba romeloa likampong tsa mosebetsi o boima ’me ba fetang 300 000 ba ile ba ahloleloa lefu.