Fetela boitsebisong

LA 2 JUNE, 2014
RUSSIA

Nyeoe ea Lipaki Tsa Jehova e Ntse e Tsoela Pele Taganrog, Russia

Nyeoe ea Lipaki Tsa Jehova e Ntse e Tsoela Pele Taganrog, Russia

Nyeoe ea Lipaki Tsa Jehova tse 16 e ile ea tsoela pele ho pholletsa le May 2014, Lekhotleng la Motse la Taganrog. Ke eona feela nyeoe naheng ea Russia, eo ho eona baahi ba ileng ba qobelloa hore ba koenehele tumelo ea bona ’me ba tšosoa ka hore ba tla qosoa. E mong oa baqosuoa o ile a re: “Ba batla ke tšoane le batho bohle, ha ba batle hore ke be ea fapaneng. Ha ba batle ha ke bua le batho ba bang ka Bibele. Ha ke tsebe hore na ho tla etsahala’ng hape.”

’Muso oa Russia o sebelisa hampe Molao oa ho Thibela Mekhatlo ea Majela-thōko bolumeling ba Lipaki Tsa Jehova ’me o ile oa etsa sena haholo ho tloha ka 2009. Victor Zhenkov, ’muelli oa Lipaki o ile a re: “Ke ’nile ka hlahloba liketsahalo tsa lilemong tsa morao tjena tse mabapi le ho qosoa ha Lipaki Tsa Jehova ’me ke fihletse qeto ea hore ka ho toba mapolesa a ’nile sa tsoela pele ho hlasela Lipaki Tsa Jehova.” Ba boholong motseng oa Taganrog ba ile ba hlasela Lipaki le ho feta ’me ba li tšoara joalokaha eka bolumeli ba tsona bo thibetsoe, le hoja bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova bo ile ba ngolisoa ka molao Russia ho tloha ka 1992. Sepheo sa ba boholong Taganrog se hlakile. Ha Paki e ’ngoe e bua ka lintho tseo ba ileng ba mo etsa tsona, e ile ea re: “Lepolesa le leng le ile la mpolella le sa hlathe koana le koana, la re: ‘Ha u ka saena lipampiri tse bolelang hore ha u sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, re tla qhala nyeoe ena ’me re u lokolle—u ka ea moo u batlang.’”

Ho itšetlehile ka qeto ea lekhotla, Lipaki tseo tse 16 li ka ’na tsa lefisoa chelete e itseng, tsa qobelloa ho etsa mosebetsi o itseng kapa tsa ahloleloa ho ea chankaneng. Haeba li ka fumanoa li le molato, bolokolohi ba bolumeli bo kotsing ho pholletsa le Russia. Lipaki Tsa Jehova li tla ba kotsing ea ho qosoa ka tsela e tšoanang hobane feela li etsa tšebeletso ea tsona ka khotso. Alyona Borodina, ’muelli e mong oa Lipaki o ile a re: “Ba boholong ba ntse ba tšoenya Lipaki. Ho boleloa hore lingoliloeng tsa tsona li khothalletsa batho hore ba be mabifi. Haeba qeto ea lekhotla e bolela hore buka e itseng e khothalletsa batho hore ba be mabifi, buka eo ea felisoa, motheong oa qeto ea lekhotla. Mongoli e mong o ile a re: ‘Ha ba ntse ba felisa libuka, qetellong ba tla felisa le batho.’ Ka sebele bolokolohi ba bolumeli bo kotsing.”

Ho lebeletsoe hore moahloli a lihe kahlolo ka June 2014. Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle le batho ba bang ba batlang ho ba le bolokolohi ba bolumeli ba emetse ho utloa qeto ea lekhotla.