Fetela boitsebisong

LA 3 MARCH, 2014
RUSSIA

Litaba Tse Tsoelang Pele: Boiteko ba ho Thibela JW.ORG Boa Hlōleha

Litaba Tse Tsoelang Pele: Boiteko ba ho Thibela JW.ORG Boa Hlōleha

ST. PETERSBURG, Russia—Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlōla nyeoe e khōlō ka la 22 January, 2014, ha lekhotla la maipiletso le hanyetsa kahlolo ea lekhotla la Russia ea ho thibela Websaete e molaong ea Lipaki Tsa Jehova, e leng jw.org.

Lekhotla la Naha la Tver le ile la hanyetsa kahlolo lihiloeng ke Lekhotla la Setereke la Tsentralniy, ka la 7 August, 2013. Lekhotla la naha le ile la bolela hore lekhotla la setereke le ne le sa lokela ho thibela Websaete eo hobane Lipaki Tsa Jehova, e leng beng ba eona, ha baa ka ba fuoa monyetla oa ho ipuella nyeoeng. Mochochisi oa Tver o ile a hlahisa nyeoe ena lekhotleng hobane jw.org e ne e e-na le lingoliloeng tseo makhotla a Russia a ileng a fihlela qeto ea hore li “feteletsa lintho.” Hang feela ka mor’a hore Lipaki Tsa Jehova tsa Russia li utloe ka kahlolo eo lekhotla le e lihileng, li ile tsa tlosa lingoliloeng tseo ho jw.org. Lekhotla la Naha la Tver le ile la hlokomela hore Lipaki li ne li mamela melao ea Russia ’me le ile la felisa thibelo eo.

Lipaki Tsa Jehova li hlahletse nyeoe ho hanyetsa kahlolo e lihiloeng ke makhotla a Russia ea hore lingoliloeng tsa tsona li “feteletsa litaba” ’me li ile tsa isa nyeoe ea tsona Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho hore le hlakole qeto eo.

Grigory Martynov, e leng raliphatlalatso oa Lipaki Tsa Jehova oa Russia, o re: “Re thabile hore ebe baahloli ba hlokometse hore Websaete ea rōna ke ea bohlokoa le hore re etsa boiteko ba ho mamela liqeto tse entsoeng ke lekhotla la Russia. Re tla tsoela pele ho sireletsa lingoliloeng tsa rōna le tokelo ea baahi ba Russia ea hore ba rue molemo mosebetsing oa rōna oa ho ruta batho Bibele.”

J. R. Brown, e leng raliphatlalatso oa ntlo-khōlōng ea Lipaki o re: “Lipaki lefatšeng ho pota li thabile haholo ka lebaka la tlhōlo ena. Sena se tla etsa hore baahi bohle ba Russia ba tsoele pele ho sebelisa Websaete ena e rutang batho Bibele.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

Russia: Grigory Martynov, tel. +7 812 702 2691