Fetela boitsebisong

LA 7 JANUARY 2021
TAJIKISTAN

Lekhotla la Sesole la Tajik le Ahlolela Mora Oabo Rona Rustamjon Norov ho Hlola Lilemo Tse Tharo le Halofo Chankaneng

Lekhotla la Sesole la Tajik le Ahlolela Mora Oabo Rona Rustamjon Norov ho Hlola Lilemo Tse Tharo le Halofo Chankaneng

Ka la 7 January 2021, lekhotla la sesole la Tajik le ile la ahlolela Mora oabo rona Rustamjon Norov ho hlola lilemo tse tharo le halofo chankaneng hobane a hana ho kenela sesole ka lebaka la litumelo tsa hae tse thehiloeng Bibeleng.

Pele ho phatlalatsoa kahlolo, Rustamjon o ile a fuoa monyetla oa ho bua le lekhotla. Ka sebete o ile a qotsa litemana tse ’maloa tsa Bibele hore a hlalose mabaka a hae a ho hana tšebeletso ea sesole. Hape o ile a bolela hore na ke eng e mo thusitseng hore a lule a tšepahala ho Molimo.

O ile a qotsa Bafilipi 4:​13: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” Eaba o eketsa ka ho re: “Haesale nyeoe ena e qala, ke bone hore Molimo oa ka Jehova, o na le ’na ’me o mpile matla e le hore ke se ke ka tela kapa ka nyahama, empa ke lule ke thabile ebile ke ntse ke bososela. Ruri kea mo leboha ka tsena tsohle, ebile ke motlotlo ho ba e mong oa Lipaki tsa hae.”