Fetela boitsebisong

LA 22 APRIL, 2013
UNITED STATES

Ho Qhoma Libomo Marathoneng oa Boston

Ho Qhoma Libomo Marathoneng oa Boston

Ka la 15 April, 2013, ho ile ha qhoma libomo tse peli haufi le khole ea tlhōlo Marathoneng oa Boston, ha shoa batho ba bararo ’me ba 176 ba tsoa likotsi. Litlaleho tsa pele li boletse hore ha ho na Lipaki Tsa Jehova tse tsoileng likotsi. Lipaki tse ling tsa sebakeng seo li ile tsa phalla hang-hang ho ea thusa batho ba tsoileng likotsi koluoeng eo. J. R. Brown, e leng ’muelli oa Lipaki o itse: “Re lula re nahana ka batho ba tsoileng likotsi le ba malapa a bona le ho ba rapella. Re amehile ka ho tšelisa batho bohle ba utloisitsoeng bohloko ke liketso tse kang tsena tse sehlooho re sebelisa Bibele.”

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000