Fetela boitsebisong

LA 7 NOVEMBER, 2012
UNITED STATES

Leholiotsoana Sandy le Hlasela Lebōpo le ka Bochabela la United States

Leholiotsoana Sandy le Hlasela Lebōpo le ka Bochabela la United States

Ka la 2 November, 2012, ho ne ho se na tlaleho ea hore ho na le Lipaki tse shoeleng, haese e le ’ngoe e tsoileng likotsi tse mpe. Ho ne ho senyehile lintho tse ’maloa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki e Brooklyn. Matlo a 61 a Lipaki le Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 12 li ne li sentsoe hampe ke likhohola, ha tse ling li ne li sentsoe ke sefefo. Lipaki tse fatang 1 100 li ile tsa balehisoa pele sefefo se tla. Ho ntse ho hlahlojoa tšenyo e bakiloeng ke leholiotsoana, ’me baithaopi ba Lipaki ba sebelisana le ba boholong ba sebakeng seo ho thusa barapeli-’moho le bona le mahlatsipa a mang ka lintho tseo ba li hlokang.

Raliphatlalatso: J.R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000

 

Bala Sehlooho Sena