Fetela boitsebisong

LA 6 AUGUST 2020
UNITED STATES

Leholiotsoana la Hanna le Ranthanya Setereke sa Texas ka Boroa-Bochabela

Leholiotsoana la Hanna le Ranthanya Setereke sa Texas ka Boroa-Bochabela

Sebaka

Texas, United States

Koluoa

  • Leholiotsoana la mokhahlelo oa pele le bitsoang Hanna le ile la fihla lebopong la Texas ka la 25 July 2020, la baka likhohola le ho etsa hore leoatle le befe ka tsela e sa tloaelehang

  • Selemong sena, leholiotsoana la Hanna ke la pele la nako ea selemo eo ka eona ho bang le maholiotsoana leoatleng la Atlantic

E amme bara le barali ba bo rona joang?

  • Ba babeli ba ile ba tsoa likotsi tse nyenyane

  • Bahoeletsi ba 193 ba ile ba tlameha ho siea mahae a bona ka nakoana

E sentse hakae?

  • Matlo a 347 a bara le barali ba bo rona a senyehile hanyenyane

  • A 31 a senyehile hampe

Ho etsoa’ng ho ba thusa?

  • Bapotolohi ba libaka tse anngoeng ke koluoa ena ba ntse ba sebetsa le baholo ho tšelisa le ho thusa bara le barali ba bo rona

Re leboha Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle” ka hore ebe o tsoela pele ho thusa Bakreste-’moho le rona ba Texas nakong ena e boima.​—2 Bakorinthe 1:​3, 4.