Fetela boitsebisong

LA 8 OCTOBER, 2013
UNITED STATES

Likhohola Colorado

Likhohola Colorado

Mahareng a September, pula e matla e ile ea baka likhohola tse ileng tsa koala litsela, tsa senya matlo tsa ba tsa bolaea batho ba ka bang 8 profinseng ea Colorado, USA. Litlaleho li bontša hore ha ho na Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa shoa kapa tsa tsoa likotsi sebakeng seo. Leha ho le joalo, malapa a ka bang 70 a Lipaki a libakeng tseo koluoa e bakileng tšenyo e khōlō, a ile a ntšoa mahaeng a ’ona. Baholo ba Lipaki ba sebakeng se anngoeng ke koluoa, ba ntse ba hlokomela batho ba ntšitsoeng mahaeng a bona ka lintho tseo ba li hlokang, ’me ba ba thusa ho fumana bolulo ba nakoana.

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000