Fetela boitsebisong

LA 23 MAY, 2013
UNITED STATES

Sefefo Oklahoma

Sefefo Oklahoma

Ka la 20 May, 2013, sefefo se tsamaeang ka lebelo la lik’hilomithara tse 2, se tsamaisanang le meea e fokang ka lebelo la lik’hilomithara tse fetang 320 ka hora, se ile sa ruthutha motseng oa Moore, Oklahoma, ka boroa ho Oklahoma City. Mecha ea litaba e bontša hore ho hlokahetse batho ba 24 ho akarelletsa le bana ba 10. Ha ho na Lipaki Tsa Jehova tse hlokahetseng sebakeng seo. Leha ho le joalo, ke Paki e le ’ngoe feela e ntseng e phekoloa ka lebaka la ho tsoa likotsi. Likomiti tsa liphallelo tsa baithaopi ba Lipaki li hlophisa ho fana ka lithuso ho batho ba anngoeng ke ketsahalo ena, li ba fa lijo, metsi le ho ba khothatsa ka Bibele.

Raliphatlalatso:

Raliphatlalatso oa Machaba: J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000