Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha Eka Batsoali ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?

Ke Hobane’ng ha Eka Batsoali ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?

 Metsoalle ea hao e u memme phathing mafelo-beke ’me u kopa batsoali ba hao hore u ee empa karabo ea bona ke “che.” Ha u makale hobane le nakong e fetileng ba arabile ka tsela e tšoanang.

Sehloohong sena

 Ke hobane’ng ha batsoali ba ka ba lula ba hana?

 Haeba ho bonahala eka batsoali ba hao ba lula ba hana, u ka ’na oa nahana hore ha ba batle u thabe.

 Mocha e mong ea bitsoang Marie o ile a ikutloa joalo ha a ba le fono. O re: “Ntate oaka o ile a beha melao e mengata, hore na ke daonlouda li app life, ke bua le batho bafe le hore na ke bua le bona ka linako life. Ka nako eo, metsoalle eaka eona e ne e etsa ntho leha e le efe eo ba e batlang.”

 Nahana ka sena: Na ntate oa Marie o ne a sa batle a thabe? Ke’ng seo a neng a khathatsehile ka sona?

Lebelo leo u sa lokelang ho le feta ha u khanna le u thibela hore u se ke oa hlaheloa ke kotsi, ka tsela e tšoanang ho joalo le ka melao eo batsoali ba u behelang eona

 Leka sena: Iketse eka u motsoali oa mocha ea qetang ho ba le fono. U ne u ka khathatseha ka eng? Ke meeli efe eo u ka e behelang ngoana oa hao? U ne u ka re’ng haeba ngoana oa hao a ne a ka re ha u batle hore a thabe?

 “Ntate oaka o ne a rata hore, ‘Ikenye lieteng tsaka.’ Ho etsa joalo ho ne ho nthusa hore ke bone melemo ea melao ea hae le mabaka ao a entseng melao eo ka oona. Haeba ke ne ke e-na le bana, ke ne ke tla lebella hore ba etse lintho ka tsela eo ntate oaka a lebellang hore ke etse lintho ka eona.”—Tanya.

 Ke’ng seo nka se etsang hore batsoali baka ba lumele?

 Seo u sa lokelang ho se etsa: Ho teneha, ho tletleba le ho etsa khang.

 “Ho omana ho ke ke ha le thusa ka letho, ebile ho ka le khathatsa. Ha u etsa khang, batsoali ba hao ba ke ke ba u bona u holile ’me u ke ke oa khona ho iketsetsa liqeto.”—Richard.

 Leka ho etsa sena: Nahana pele u bua. Nahana hore na batsoali ba hao ba ikutloa joang. Na bothata ke hore ba u tšepe, kapa ha ba tšepe sebaka seo u tla be u le ho sona kapa batho bao u tla beng u e-na le bona? Bua le batsoali ba hao u khobile matšoafo e le hore u ka utloisisa mabaka a bona hantle.

 “Ho lula ho e-na le mabaka a utloahalang a ho beha melao. Batsoali baka ha ba nthibele hore ke thabe, empa ba batla ke thabe ka tsela e ke keng ea ntlisetsa mathata.”—Ivy.

 Molao-motheo oa Bibele: “Motho ea se nang kelello o ntša khalefo ea hae empa motho ea bohlale oa e laola”—Liproverbia 29:11.

 Seo u sa lokelang ho se etsa: Ho etsa lintho tseo batsoali ba hao ba itseng u se ke oa li etsa u ipatile.

 “Ha ke le mong ke ne ke etsa lintho tseo ntate oa ka a itseng ke se ke ka li etsa ka fono. Ke ile ka etsetsa metsoalle ea ka melaetsa bosiu haholo ka ba ka daonlouda li app tseo ntate oa ka a neng a sa ntumella ho ba le tsona. Ho e-so ee kae o ne a ee a hlokomele seo ke neng ke se etsa ebe lithibelo tsa hae li ba boima le ho feta hobane o ne a se a sa ntšepe. Ha se bohlale ho etsa lintho tseo u sa lumelloang ho li etsa.”—Marie.

 Leka ho etsa sena: Bontša batsoali ba hao hore u ka ba mamela e le hore ba ka u tšepa.

 “Mamella. Ho ka nka nako hore batsoali ba hao ba fetole lithibelo empa haeba u ba mamela ba ka u lumella ho etsa lintho tse eketsehileng.”—Melinda.

 Molao-motheo oa Bibele: “Le mamele batsoali ba lona linthong tsohle.”—Bakolose 3:20.

 Seo u sa lokelang ho se etsa: U se ke qobella batsoali ba hao hore ba u lumelle ho etsa ntho e itseng, mohlomong oa ba bollela hore na lithaka tsa hao tsona li lumelletsoe ho etsa’ng.

 “Ho tsitlella seo u se batlang ho tla etsa hore lintho li be thata le ho feta.”—Natalie.

 Leka ho etsa sena: Ngola maikutlo a hao sehloohong se reng “Fana ka Mabaka Mabapi le Melao” ebe u buisana ka sona le batsoali ba hao.

 “Motsoali o batla ho kholiseha hore u khona ho etsa liqeto tse nepahetseng. Kahoo, ha ke bua le batsoali ba ka ke leka ho beha mabaka a utloahalang eseng ke khannoe ke maikutlo. Ha ke etsa joalo, ka linako tse ling batsoali ba ka ba ntumella ho etsa ntho eo ke e kopang.”—Joseph.

 Molao-motheo oa Bibele: “Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao.”—Baefese 6:2.