Fetela boitsebisong

Ho Itseba

U mang? U lumela’ng? Haeba u kholisehile ka likarabo tsa lipotso tsena u tla khona ho iketsetsa liqeto bophelong ho e-na le hore ba bang ba u etsetse tsona.

Botho ba ka

Na Kea Itseba?

Ha u tseba melao e u tataisang, lintho tseo u ipabolang ho tsona le tseo u fokolang ho tsona le seo u batlang ho se finyella, seo se tla u thusa hore u etse liqeto tse bohlale le ha u le tlas’a khatello.

Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?​—Karolo ea 1: Banana

Bacha ba bangata ba nahanang hore ba bonahatsa seo ba leng sona ba mpa feela ba etsisa seo ba se boneng mecheng ea liphatlalatso.

Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?​—Karolo ea 2: Bashanyana

Na ho etsisa batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ho ka etsa hore u se khahle batho ba bang?

Ke na le Boikarabelo Hakae?

Bacha ba bang ba fuoa bolokolohi ho feta ba bang. Ke eng e bakang seo?

Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Tšepahala?

Na u lokela ho bua leshano e le hore u ka atleha? Bona hore na ke hobane’ng ha u lokela ho tšepahala.

U ka Etsa’ng ha Maemo a Bophelo a Fetoha?

U ke ke ua khona ho qoba liphetoho. Hlahloba seo bacha ba bang se entseng e le hore ba sebetsane le tsona.

U Lokela ho Etsa’ng ha U Khalemeloa?

Ho khalemeloa kapa ho tšoauoa phoso ho ka u tsoela molemo joang?

Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka

Khatello ea lithaka e ka etsa hore batho ba lokileng ba etse lintho tse mpe. U lokela ho tseba’ng ka eona hona u ka sebetsana le eona joang?

Hanela Khatello ea Lithaka!

Ho na le mehato e mene e ka u thusang hore u khone ho ikemela.

Kholiseha ka Seo U se Lumelang!

Hlokomela se ileng sa thusa Jeremia ho phatlalatsa molaetsa oa temoso ho Bajuda.

Liketso Tsa ka

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Thusa Batho ba Bang?

Ha u etsetsa batho ba bang lintho tse ntle, u rua molemo ka litsela tse peli. Ke life?

Seo U ka se Etsang ho Thusa ba Bang

Batho bao u ka ba thusang ba haufi le uena. Leqephe lena le na le moralo oa lintho tse tharo tseo u ka li etsang ho thusa batho ba bang.

Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?

Kaofela re etsa liphoso, empa hase kaofela ha rōna re ithutang ho hong ho tsona.

U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?

Ho ba le bokhoni ba ho hlōla liteko ho bontša hore motho ke monna kapa mosali oa sebele. Ho na le lintho tse tšeletseng tse ka u thusang hore u hlōle liteko le hore u qobe khatello ea ho inehela.

Chebahalo ea ka

Ke Shebahala Joang?

Ithute hore na u ka qoba joang liphoso tse tharo tseo batho ba li etsang ha ba khetha moaparo.

Seo Bacha ba se Buang ka Chebahalo ea ’Mele

Ke hobane’ng ha bacha ba ka ’na ba thatafalloa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka tsela eo ba shebahalang ka eona? Ke’ng e ka ba thusang?

Na U Amehile Haholo ka Chebahalo ea Hao?

Haeba u na le bothata ka chebahalo ea hao, ke eng e tla u thusa hore u italime ka tsela e leka-lekaneng?

Ke Hobane’ng ha ke Khathatsehile ka Tsela eo ke Shebahalang ka Eona?

Na ha u rate tsela eo u shebahalang ka eona? U ka ntlafatsa boemo joang u sa fetelletse lintho?