Fetela boitsebisong

SE KA THUSANG LELAPA | HO HOLISA BANA

Ruta Ngoana oa Hao Hore a se ke a Tela

Ruta Ngoana oa Hao Hore a se ke a Tela

 Mora oa hao o re: “Ntho ena ea nthatafalla, nke ke ka khona ho e etsa. Ebile ha ke utloe eka ho na le mohla ke tla ithuta ho e etsa.” O mothating oa ho tela ho etsa ntho eo ho bonahalang e le boima. Ha u batle ho bona ngoana oa hao a sokola empa u batla hore a sebetsana le lintho tse bonahalang li mo imela. Na u lokela ho potlakela ho mo thusa? Na u lokela ho mo tlohela hore a tele kapa na u ka ruta ngoana oa hao hore a se ke a tela?

Seo u lokelang ho se tseba

 Ho se tele ho molemo. Ha batsoali ba ruta ngoana oa bona hore a be le bokhoni ka lebaka la ho sebetsa ka thata, ba mo thusa hore a sebetse hantle sekolong, a thabe a be a be le bophelo bo botle. Hape a ka ba le metsoalle e haufi. Ka lehlakoreng le leng, haeba batsoali ba sireletsa bana ba bona linthong tse ba thatafallang le tseo ba hlolehang ho tsona, ho ba ka ba bonolo hore be le khatello ea kelello, ba ikutloe ba sa tšoanelehe ho etsa lintho tse itseng ba be ba phele bophelo boo ba sa bo khotsofalleng ha ba se ba le baholo.

 Sebetsa ka thata hore u se ke oa ba motho ea telang. Le bana ba banyenyane ba ka matlafatsa boikemisetso ba bona ba ho sebetsana le mathata a teng le ho batla tsela ea ho a rarolla. Bafuputsi ba bang ba fumane hore bana ba selemo le likhoeli tse tharo ba ka khona ho etsa lintho tse thata haeba ba ile ba bona motho ea moholo a sokola ho etsa ntho e itseng empa a sa tele.

 “Ke hopola ke ruta banana ba ka ho fasa lieta. Ho fasa lieta ha se ntho eo u ka ithutang eona ka letsatsi le le leng. Nako le nako ha ba fase lieta tsa bona, ba nka metsotso e 10 ho ea ho e 15 ba ntse ba leka ho bona hore na ba ka li fasa joang. Ebe kea ba thusa. Ho ba nkile likhoeli tse ’maloa ’me ka linako tse ling ba ne ba lla empa ba qeteletse ba se ba tseba ho fasa lieta. Nka be ke ile ka etsa hore bophelo ba ka bo be bonolo ka hore ke ba rekele lieta tse se nang marapo. Ka linako tse ling, joaloka batsoali re lokela hore re se ke ra tela e le hore re rute bana ba rona hore le bona ba se ke ba tela.”—Colleen.

 Ho ka ba bonolo hore re be batho ba telang. Ka linako tse ling, batsoali ba bang ba ka tšoara bana ba bona ka tsela e etsang hore ho be bonolo hore ebe batho ba telang ba sa hlokomele. Ba ka etsa seo joang? Batsoali ba bang ha ba batle ha bana ba bona ba soetseha. Ke kahoo ha bana ba bona ba le boemong boo ba ka ’nang ba soetseha ba ba thusang. Seo se ka ba le li-tla-morao tse bohloko. Mongoli e mong ea bitsoang Jessica Lahey, o ile a re: “Lekhetlo le leng le leng haeba re kenella . . . ho thusa bana ba rona moo re bonang eka ba ka ’na ba soetseha, ha e le hantle ho tšoana le ha eka re re ho bona: ha re u tšepe ebile ha re nahane hore u na le bokhoni ba ho etsa ntho ena.” a Taba ee e etsa hore bana ba ikutloe joang? E etsa hore ba ikhalale le hore le ka moso ba nahane hore ba hloka motho ea moholo hore a ba thuse.

Ho e-na le hore u thuse ngoana oa hao ho etsa mesebetsi e thata mo rute hore a se ke a tela

Seo u ka se etsang

 Ba khothaletse ho sebetsa ka thata. Batsoali ba ka etsa hore bana ba bona ba se ke ba tela habonolo ka hore ba be fe mesebetsi e tšoanelang lilemo tsa bona. Ka mohlala, bana ba pakeng tsa lilemo tse tharo ho ea ho tse hlano ba ka thusa ha ho hlatsuoa liaparo hape ba ka phutha lintho tseo ba bapalang ka tsona. Bana ba banyenyane ba ka thusa ho beha lintho moo li lulang ha ho tsuoa lishopong. Ba ka thusa ho hleka tafole pele ho jeoa le ha ho qeta ho jeoa ba be ba hlatsoe lijana. Ba ka boela ba thusa ho ntša toti le ho phumula fatše ha ho e-na le lintho tse qhalaneng. Ha e se e le bacha ba ka etsa mesebetsi e eketsehileng, e kang ho hloekisa le ho lokisa lintho tse senyehileng. Ha se kamehla bana ba ka ratang ho etsa mesebetsi eo ba e fuoang empa ba rua molemo haeba batsoali ba ba fa mesebetsi eo ba ikarabellang ho eona ho tloha ba sa le banyenyane ka lapeng. Bana ba ka rua molemo joang? Sena se etsa hore ba se ke ba tela. Ha ba se ba holile ba ka ’na ba fumana mosebetsi oa boipheliso o hlokang hore ba sebetse ka thata.

 Molao-motheo: “Motho o rua molemo ha a sebetsa ka thata.”—Liproverbia 14:23.

 “U se ke oa fa bana mesebetsi e sa reng letho feela hore u ba phathahanye. Bana ha ba e rate ntho eo. Ba fe mesebetsi ea bohlokoa eo ba ka thusang ka eona. Haeba ngoana oa hao o monyenyane, mo fe mosebetsi o kang oa ho phumula lerole linthong tseo a ka li fihlelang. Haeba u hlatsoa koloi u ka re a u thuse ka ho hlatsoa libaka tse tlase tseo u thatafalloang ho fihla ho tsona. Babatsa ngoana oa hao ka mosebetsi o boima oo a o entseng.”—Chris.

 Thusa ngoana oa hao ho etsa mesebetsi e thata. Ka linako tse ling, bana ba ka tela ho etsa mesebetsi e itseng hobane ba sa tsebe ho e etsa. Kahoo, haeba u ruta ngoana oa hao ho etsa ntho e ncha ak’u qale pele ka ho etsa ntho eo a u shebeletse. Ebe u e etsa le eena ka lekhetlo la bobeli. Ha u qeta, u mo tlohele a e etse u ntse u mo shebile, ebe u mo fa keletso hore na a ka ntlafatsa hokae. Joale, u se u ka mo tlohela hore a e etse a le mong.

 Molao-motheo:“Ke le behetse mohlala e le hore le nketsise.”—Johanne 13:15.

 “Ke bone hore haeba re batla hore bana ba rona ba se ke ba tela, re lokela ho ba behela mohlala. Re lokela ho ba le makhabane ao re batlang hore ba be le ona.”—Doug.

 Thusa ngoana oa hao ho utloisisa hore kaofela ha rona ho na le nako eo re tla sokola kapa re soetsehe. Mo phetele kamoo u ileng oa sokola ho etsa ntho e itseng empa oa atleha hobane u sa ka oa tela. Mo hlalosetse hore ke ho tloaelehileng hore ha u qala ho ithuta ntho e u thatafalle. Mo kholise hore u tla lula u mo rata le ha a ka hloleha ho etsa ntho e itseng. Mesifa e ba matla ha motho a lula a ikoetlisa, ka ho tšoanang, ngoana oa hao a ke ke a tela haeba u mo lumella hore a etse lintho tseo a hlolehang ho li etsa ’me qetellong o tla atleha. Ha ngoana oa hao a hloleha ho etsa ntho e itseng, u se ke oa mo thusa hang-hang, mo tlohele hore a leke. Buka e bitsoang How Children Succeed, e re: “E le hore ngoana oa hao a be le boikarabelo, o lokela hore a etse ntho eo mohlomong a ke keng a atleha ho eona.”

 Molao-motheo: “Re lokela ho sebetsa ka thata re sa le bacha.”—Lillo Tsa Jeremia 3:27, Contemporary English Version.

 “Bana ba rua molemo ha batsoali ba ba fa monyetla oa hore ba itšokolele ka nakoana le hoja ba tseba hore batsoali ba ntse ba le teng ho ba thusa. Ka mor’a nako ba tla be ba se ba sa sokole ’me ba tla be ba e-na le bokhoni ebile ba se ba ithutile hore ho molemo ho se tele.”—Jordan.

 Babatsa bana ba hao ka boiteko boo ba bo etsang eseng bohlale ba bona. Ka mohlala, ho e-na le ho re, “U pasitse hantle ngoan’a ka, u bohlale,” u ka re, “U pasitse hantle ngoan’a ka. Kea bona hore u sebelitse ka thata kannete.” Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u babatse ngoana ka boiteko boo a bo entseng, eseng bohlale ba hae? Dr. Carol Dweck o re ho babatsa ngoana ka bohlale ba hae “ho etsa hore ngoana a ikhalale haeba a hloleha ho etsa ntho eo ho bonahalang e le thata. Haeba batsoali ba batla hore bana ba bona ba atlehe, ntho e molemo eo ba ka e etsang ke hore ba ba rute hore ba rate ho ithuta lintho tse ncha, ba ithute liphosong tsa bona, ba thabele ho sebetsa ka thata, ba ithute le litsela tse ncha tsa ho etsa lintho hape ba ithute ho etsa lintho ka litsela tse fapaneng. Ha ba etsa joalo, bana ba bona ba tla etsa lintho eseng feela hobane ba batla ho rorisoa.” b

 Molao-motheo: “Thoriso eo motho a e fuoang ea mo senola.”—Liproverbia 27:21.

a Bukeng ea The Gift of Failure.

b Bukeng ea Mindset.