Fetela boitsebisong

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Ho Sebelisa Joala Hampe Lenyalong

Ho Sebelisa Joala Hampe Lenyalong

 Na molekane oa hao o kile a u bolella hore o tšoenngoa ke tsela eo u noang ka eona? Haeba ho joalo, ho na le lintho tseo u lokelang ho nahana ka tsona.

Sehloohong sena

 Ho sebelisa joala hampe ho baka mathata lenyalong

 Ho sebelisa joala hampe ho ka baka maloetse a mangata, a akarelletsang lefu la pelo, ho thatafala ha sebete le kankere. Ho sebelisa joala hampe ha ho bake maloetse feela, empa hape ho ka baka mathata lenyalong a kang, tlhekefetso ea ka malapeng, mathata a lichelete, ho se tšepahalle molekane e mong le tlhalo.

 Bibele e re ha joala bo sebelisoa hampe, bo ka “loma joaloka noha, [ba] ntša chefo joaloka marabe.” (Liproverbia 23:32) U ka tseba joang haeba u le lekhoba la joala?

 Na u lekhoba la joala?

 Lipotso tse latelang li ka u thusa ho bona hore na u lekhoba:

  •   Na u thatafalloa ho laola tsela eo u noang ka eona?

  •   Na u lula u nahana hore na u tla noa neng hape?

  •   Na u tsoela pele ho noa le hoja ho u bakela mathata bophelong le lenyalong la hao?

  •   Na ha u ikutloe hantle ha u leka ho khaotsa?

  •   Na ho noa ho etsa hore le ngangisane le molekane oa hao?

  •   Na u se u noa joala bo bongata ho feta boo u neng u bo noa qalong?

  •   Na oa ikutsoa ha u noa joala kapa oa bo pata ha u le mosebetsing kapa hae?

 Haeba u arabile tse ling tsa lipotso tsena ka e, e ka ’na eaba u se u le lekhoba la joala. E ka ’na eaba u na le bothata ba ho sebelisa joala hampe.

 U se ke oa hana hore u na le bothata ba ho noa

 Na molekane oa hao o kile a u bolella hore u tšoenngoa ke tsela eo u noang ka eona? Haeba ho joalo, mohlomong u kile oa leka ho ikemela kapa oa nyenyefatsa boitšoaro ba hao. Mohlomong u ile oa beha ba bang molato, ho akarelletsa le molekane oa hao ka ho bua mantsoe a kang:

  •   “Haeba u ne u ntšoara hantle, ke ne ke sa tl’o noa.”

  •   “Haeba mosebetsi oa hao o ne o u tšoenya joaloka oa ka, u ne u tla noa le uena.”

  •   “Ke tseba batho ba bangata ba noang ho mpheta.”

 Haeba u bua mantsoe a kang ao, u tla be u nka takatso ea hao ea ho noa e le ea bohlokoa ho feta hore u thabe lenyalong. Ke eng eo e leng ea bohlokoa haholo?

 Molao-motheo oa Bibele: “Monna ea nyetseng o amehile . . . ka [ho] batla ho thabisa mosali oa hae.”—1 Bakorinthe 7:33.

Ho hana hore u na le bothata ba ho noa, ho ka tšoana le lebota le u sitisang. Kahoo, le nkele sebaka ka fensetere e u thusang ho bona hantle lintho tse tšoenyang molekane oa hao

 Seo u ka se etsang

  •   Nka maikutlo a molekane oa hao e le a bohlokoa. Le haeba molekane oa hao a tšoenyeha ho tlola ka taba ena, mohlomong u ka ’na oa etsa liphetoho tse itseng. Haeba u sa khone ho etsa liphetoho ka ho noa le hoja seo se tšoenya molekane oa hao, sena se ka bontša hore u na le bothata ba ho noa.

     Molao-motheo oa Bibele: “Lulang le etsa lintho tse tla tsoela ba bang molemo eseng tse tla tsoela lona feela molemo.”—1 Bakorinthe 10:24.

  •   Ithute haholoanyane ka joala. E le hore lesole le hlole ntoa, le tlameha ho ithuta maqiti a ba lireng. Ka ho tšoanang, e le hore u hlole bothata ba hao, u lokela ho ithuta haholoanyane ka joala le hore na bo chehela batho leraba joang. U lokela ho ithuta le litsela tse ling tse ka u thusang hore u qobe ho ba lekhoba la joala le hore u se ke oa boela oa noa hape le nakong e tlang.

     Molao-motheo oa Bibele: “Ke kopa hore le qobe ho khotsofatsa litakatso tsa lona tse fosahetseng tse le loantšang.”—1 Petrose 2:11.

  •   Fumana thuso. Ho na le litsi tse ngata tsa phekolo le lipetlele tse ka fanang ka thuso, hammoho le mananeo a thusang batho hore ba tlohele joala. U ka boela oa kopa motsoalle ea behang mohlala o motle ho u thusa hore na ke hobane’ng ha u le lekhoba la joala. Mo kope thuso ha u utloa hore u lekeha hore u qalelle ho noa hape.

    Nahana ka ho batla thuso ea litsebi tsa bophelo bo botle

     Molao-motheo oa Bibele: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

 Ho sebelisa joala hampe ha se bothata bo ka lokisoang habonolo feela ka hore u bale sehlooho se sekhutšoanyane kapa u re feela, “ke tla leka ho noa hanyane.” U lokela ho hlokomela hore seo u se etsang ha se ame bophelo ba hao feela, se ama le lenyalo la hao.

 Ho fumana lintlha tse eketsehileng: Bala lihlooho tse latelang, ho utloa hore na ba bang ba khonne joang ho hlola bothata ba ho sebelisa joala hampe.

 I Am No Longer a Cruel Man

 I No Longer Feel Ashamed of Myself

 Ke ne ke Lula Seterateng

 U ka boela oa shebella le video e reng: ‘Ke Ile ka Tenoa ke Tsela eo ke Neng ke Phela ka Eona’