Fetela boitsebisong

Jerusalema e Ncha ke Eng?

Jerusalema e Ncha ke Eng?

Karabo ea Bibele

 “Jerusalema e Ncha,” ke polelo e hlahang habeli ka Bibeleng, e tšoantšetsa motse o emelang balateli ba Jesu ba tla lo busa le eena leholimong ’Musong oa Molimo. (Tšenolo 3:12; 21:2) Bibele e bontša hore balateli bana ba ka boela ba bitsoa monyaluoa oa Kreste.

Ke’ng e ka re thusang ho utloisisa hore na Jerusalema e ncha ke eng?

  1.   Jerusalema e Ncha e leholimong. Ha Bibele e bua ka Jerusalema e Ncha e re e theoha ho tsoa leholimong moo mangeloi a katileng likeiti tsa motse. (Tšenolo 3:12; 21:2, 10, 12) Hape boholo ba motse ona bo bontša hore ha se motse o ka bang teng mona lefatšeng. Bophara le bophahamo ba oona ke “liteliamo tse 12 000.” a (Tšenolo 21:16) Kahoo bophahamo ba oona bo ka etsa lik’hilomithara tse ka bang 560 ’me sena se etsa hore o be molele haholo.

  2.   Jerusalema e Ncha e entsoe ka sehlopha sa balateli ba Jesu e leng monyalula oa Kreste. Jerusalema e Ncha e bitsoa “monyaluoa, mosali oa konyana.” (Tšenolo 21:9, 10) Mantsoeng ana a tšoantšetso Konyana e emela Jesu Kreste. (Johanne 1:29; Tšenolo 5:12) “Mosali oa Konyana” e leng Monyaluoa oa Kreste, o tšoantšetsa Bakreste ba tla ba le Jesu leholimong. Bibele e tšoantša kamano ea Jesu le Bakreste bana le eo monna a nang le eona le mosali oa hae. (2 Bakorinthe 11:2; Baefese 5:23-25) Ho phaella moo, majoe a motheo a Jerusalema e Ncha a ngotsoe ‘mabitso a 12 a baapostola ba Konyana.’ (Tšenolo 21:14) Tlhaloso ena e re thusa ho utloisisa hore na Jerusalema e Ncha ke eng hobane Bakreste ba bitselitsoeng ho ea phela leholimong ba “hahiloe holim’a motheo oa baapostola le baprofeta.”​—Baefese 2:20.

  3.   Jerusalema e Ncha ke karolo ea ’muso. Jerusalema ea boholo-holo ke motse-moholo oa Iseraele e leng sebaka seo Morena Davida, mora oa hae Solomone le litloholo tsa bona ba neng ba busa “teroneng ea Jehova.” (1 Likronike 29:23) Jerusalema e ne e bitsoa ‘motse o halalelang’ kahoo, o ne o tšoantšetsa puso ea Molimo a sebelisa leloko la Davida. (Nehemia 11:1) Jerusalema e Ncha eo le eona e bitsoang “motse o halalelang,” e entsoe ka batho ba tla lo busa le Jesu leholimong ‘ba busa lefatše e le marena.’—Tšenolo 5:9, 10; 21:2.

  4.   Jerusalema e Ncha e tla tlisetsa batho litlhohonolofatso lefatšeng. Jerusalema e Ncha e hlalosoa e ‘theoha leholimong e tsoa ho Molimo,’ e leng se bontšang hore Molimo o tla e sebelisa ho lokisa lintho lefatšeng. (Tšenolo 21:2) Tlhaloso ena e amahanya Jerusalema e Ncha le ’Muso oa Molimo oo Molimo a tla o sebelisa ho etsa hore thato ea hae “e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.” (Matheu 6:10) Morero oa Molimo ke ho tlisetsa batho litlhohonolofatso tse latelang lefatšeng:

    •   Ho tlosa libe. “Noka ea metsi a bophelo” e phalla e hlaha Jerusalema e Ncha ’me e nosetsa “lifate tsa bophelo” tse ‘phekolang lichaba.’ (Tšenolo 22:1, 2) Ha batho ba se ba phekotsoe nameng le moeeng, ha ba sa tla ba le libe ’me seo se tla etsa hore batho ba phethahale joalokaha Molimo a ne a rerile qalong.—Baroma 8:21.

    •   Batho ba tla ba le setsoalle se setle le Molimo. Libe li arohantse batho le Molimo. (Esaia 59:2) Ha batho ba se ba sena sebe boprofeta bona bo tla phethahala ka ho feletseng: “Tente ea Molimo e har’a batho. O tla lula le bona ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona.”​—Tšenolo 21:3.

    •   Lefu le ho utloa bohloko li tla fela. Molimo o tla sebelisa ’Muso oa hae ho “hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—Tšenolo 21:4.

a Seteliamo ke tekanyo ea bolele e neng e sebelisoa ke Baroma e lekanang le limithara tse 185.