Fetela boitsebisong

NA E ENTSOE?

Bokhoni ba Sele ba ho Etsa Mesebetsi e sa Tšoaneng

Bokhoni ba Sele ba ho Etsa Mesebetsi e sa Tšoaneng

 Ha u ne u emoloa, u qalile u le sele e nyenyane haholo e bitsoang zygote, sele eo e nyenyane haholo hoo o ka e bonang feela ha u sebelisa microscope. Likhoeli tse ’maloa ka mor’a moo, u ile oa hlaha u se u le lesea. Sele eo e le ’ngoe e ile ea ikatisa ’me ea e-ba lisele tse ka holimo ho 200 tse sa tšoaneng ka sebopeho le boholo ’me li etsa mesebetsi e sa tšoaneng.

 Nahana ka sena: Zygote e etsa DNA e tšoanang le eona ebe e ikarola habeli. Lisele tseo le tsona li ikatisa ka tsela e tšoanang ka makhetlo a mangata. Qalong, lisele tseo tse ncha kaofela ha tsona lia tšoana. Ka har’a DNA ea tsona, ho na le litaelo tsa hore na li ka etsa lisele tsa mofuta ofe.

 Beke ka mor’a kemolo, lisele li qala ho ikarola ka mefuta e ’meli e ikhethang. Lisele tse ling lia ikopanya hore e be lesea le e-s’o hlahe, ha tse ling li ikopanya hore li etse thari e koahelang ngoana ha a le ka popelong. Ho boetse ho na le lisele tse mo thusang hore a ’ne a hole ha a ntse a le kamoo.

 Bekeng ea boraro, lisele tsa lesea le e-s’o hlahe li ikarola ka mekhahlelo e meraro e latellanang. Lisele tsa mokhahlelo o ka ntle li etsa methapo, boko, molomo, letlalo le ka ntle le lisele tse ling. Lisele tsa mokhahlelo o bohareng li etsa mali, masapo, liphio, mesifa le likaroloana tse ling tsa ’mele. Mokhahlelo o ka hare oa lisele, o etsa litho tse ka hare tse kang matšoafo, senya le boholo ba lintho tse thusang hore lijo li silehe.

Ha lesea le e-s’o hlahe le ntse le hola, lisele tsa lona li ikatisa ho fihlela e-ba lisele tse ka holimo ho 200 tse sa tšoaneng tse bileng li etsang mesebetsi e ikhethang

 Ha motho e ntse e le moimana, lisele tse ling tsa lesea le e-s’o tsoaloe li ka tsamaea e le sele ka ’ngoe kapa e le sehlopha ho tloha karolong e ’ngoe e itseng ea lesea ho ea ho e ’ngoe. Lisele tse ling lia ikopanya ’me li etsa sebopeho se kang maqephe, lithapo kapa masoba. Lisele tsena li lokela ho sebelisana hammoho e le hore li etse libopeho tsena. Mohlala, ha li fihla boemong bo itseng, lisele tse kang maqephe li ka ikharela ’me tsa iketsa mathopo a manyane. Lisele tsena li ipopa ka nako e le ’ngoe likarolong tse sa tšoaneng tsa lesea le e-s’o hlahe. Mathopo ana aa hola, a hlahisa a mang ebe hamorao aa kopana ’me e-ba karolo ea mathopo a thusang lesea hore le khone ho hema.

 Nakong eo ngoana a hlahang a phetse hantle ke hobane lisele tse makholo a libilione li entse mosebetsi oo li neng li lokela ho o etsa ’me e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le sebakeng se nepahetseng ka nako e nepahetseng.

 U nahana joang? Na sele e ikentse hore e khone ho etsa mesebetsi ee kapa e bopiloe joalo?