Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 136

“Moputso o Phethahetseng”

“Moputso o Phethahetseng”

(Ruthe 2:​12)

  1. 1. Jehova Molimo o bona bohle

    Ba lulang ba tšepahala.

    Oa tseba hore re ka lahleheloa

    Ha re iteletse eena.

    Jehova Ntate oa rona o tseba

    Ntho tsohle tseo re li tetseng.

    O tšepisa ho re hlo’nolofatsa

    Le ho re putsa kamehla.

    (K’HORASE)

    Ntate Jehova oa tšepahala

    ’Me o tla re hlohonolofatsa,

    E be setšabelo sa rona,

    A re fe moputso o phethahetseng.

  2. 2. Ka nako tse ling re ka iphumana

    Re imetsoe ke bophelo,

    Hape re imetsoe ke mesebetsi

    Le mathata tsatsi ka leng.

    Molimo oa matšeliso o tseba

    Ntho tsohle tseo re li hlokang.

    O tla re tšelisa ka moea oa hae,

    Metsoalle le Lentsoe la hae.

    (K’HORASE)

    Ntate Jehova oa tšepahala

    ’Me o tla re hlohonolofatsa,

    E be setšabelo sa rona,

    A re fe moputso o phethahetseng.