Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 135

Jehova o re Kopa Hore re Hlalefe

Jehova o re Kopa Hore re Hlalefe

(Liproverbia 27:11)

  1. 1. Mocha ea ratehang,

    ak’u ntšebeletse

    Ka pelo eohle, sera

    sa ka se soabe.

    U lule u ntšebeletsa

    ka ho rata.

    Bohle ba bone u nthata

    ho tsoa pelong.

    (K’HORASE)

    Oa rateha ’me u bohlokoa.

    Hlalefa ’me u nthabise.

    Nthate ka pelo ea hao eohle.

    U nthorise ka ho rata.

  2. 2. Nthabise hle, mora

    le morali oa ka.

    Ha u ka nyahama,

    ke tla u khothatsa.

    Leha ba u phoqa

    kapa ba u soetsa,

    Tseba hore

    ke tla lula ke u rata.

    (K’HORASE)

    Oa rateha ’me u bohlokoa.

    Hlalefa ’me u nthabise.

    Nthate ka pelo ea hao eohle.

    U nthorise ka ho rata.