Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 141

Mpho ea Bophelo

Mpho ea Bophelo

(Pesaleme ea 36:9)

  1. 1. Jehova o re rata haholo.

    O re file letsatsi le bophelo,

    Pula le bana. Ena kaofela

    Ke mehlolo e senolang tsela tsa hae.

    (K’HORASE)

    Kahoo, a re rateng Ntate oa rona,

    Re bontše hore re mo leboha haholo.

    Ntate oa re rata hobane o re file

    Mpho ea bophelo. Ke mpho ea bohlokoa.

  2. 2. Ba bang baa tela, ha ba na tšepo.

    Ba etsisa mosali eo oa Jobo

    Ea ileng a re: ‘Ro’aka Molimo.’

    Rona re rorisa Jehova Molimo.

    (K’HORASE)

    Kahoo, a re rateng batho kaofela,

    Kamehla re bontše hore rea ba tsotella.

    Ntate oa re rata hobane o re file

    Mpho ea bophelo. Ke mpho ea bohlokoa.