Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 65

Tsoelang Pele

Tsoelang Pele

(Baheberu 6:1)

  1. 1. Tsoelang pele ho ithuta ka ’Mopi.

    Le thuse bohle hore ba tsebe Jehova.

    Le lekeng ho ntlafatsa tšebeletsong.

    Tšepang ’Mopi kahohle.

    Bohle ba ka mo sebeletsa

    Joalokaha Jesu a entse.

    ’Mopi o tla ba le lona kamehla.

    Le emele ho loka.

  2. 2. Le tsoele pele joalo le se tšabe.

    Le bolelle batho bohle taba tsa ’Muso.

    Le rorise Jehova le thabile.

    Bolelang ka ntlo le ntlo.

    Leha ba bang ba le hanyetsa,

    Matlafalang le se ba tšabe.

    Joale ’Muso oa Molimo oa busa.

    Le boleleng ka matla.

  3. 3. Tsoelang pele, le lule le ithuta,

    Le ntlafatse mekhoa ea lona ea ho ruta.

    Lumellang moea oa Jah ho le thusa,

    Le lule le thabile.

    Ratang bohle bao le ba rutang.

    Le ’ne le khutlele ho bona

    ’Me le ba thuse ho tseba Jehova,

    Ba lule ba mo rata.