Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 69

Tsoelang Pele le Bolela ka ’Muso

Tsoelang Pele le Bolela ka ’Muso

(2 Timothea 4:5)

  1. 1. Bolelang ka ’Muso oa ’Mopi

    Bathong ba chaba tsohle.

    Le rate le baahelani,

    Le thuse ba bonolo.

    Mosebetsi ona ke tlotla.

    Re thabela ho o etsa.

    E-eang tšimong ’me le bolele,

    Le pakele bitso la Jah.

    (K’HORASE)

    Tsoelang pele, bolelang ka ’Muso lefatšeng lohle.

    Tsoelang pele, le lule le tšepahalla Jehova.

  2. 2. Re tla tsoela pele hammoho,

    Masala le nku tse ling.

    Ba bacha, basali le banna

    Ba bolela ka ’Muso.

    Taba tsa ’Muso oa Jehova

    Li tsebisoe batho bohle.

    Ke Jehova ea re fang matla.

    Kahoo re se tšabe letho.

    (K’HORASE)

    Tsoelang pele, bolelang ka ’Muso lefatšeng lohle.

    Tsoelang pele, le lule le tšepahalla Jehova.