Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 75

“Ke ’Na Enoa, Roma ’Na”

“Ke ’Na Enoa, Roma ’Na”

(Esaia 6:8)

  1. 1. Mehleng ena batho ba bang

    Ha ba sa hlompha Jehova.

    Ha ba bang ba re o khopo,

    Ba bang bona ba re: “Ha’a eo”.

    Ke mang ea tla mo emela?

    Ke mang ea tla mo rorisa?

    (K’HORASE 1)

    ‘Morena ke teng, roma ’na.

    Ke tla’u rorisa kamehla.

    Tokelo ena kea’e rata Jah.

    Ke ’na enoa, roma ’na.’

  2. 2. Ba bang ba re oa lieha.

    Ho hang ha ba sa mo hlompha.

    Ba ithapella litšoantšo,

    Ba bile baa li rorisa.

    Ke mang ea tla ba lemosa

    Ka ntoa ea Armagedone?

    (K’HORASE 2)

    ‘Morena ke teng, roma ’na.

    ’Me ’na ke tla ba lemosa.

    Tokelo ena kea’e rata Jah.

    Ke ’na enoa, roma ’na.’

  3. 3. Ba lokileng baa sareloa

    Ke bokhopo bo lefatšeng.

    Ba batla ’Mopi ka tieo,

    A ba fe khotso ea ’nete.

    Ke mang ea tla e’a ba thusa

    Hore ba thabe bophelong?

    (K’HORASE 3)

    ‘Morena ke teng, roma ’na.

    Ho ea ke il’o ba ruta.

    Tokelo ena kea’e rata Jah.

    Ke ’na enoa, roma ’na.’

(Sheba le Pes. 10:4; Ezek. 9:4.)