Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 9

Jehova ke Morena oa Rona

Jehova ke Morena oa Rona

(Pesaleme ea 97:1)

  1. 1. Thabang le tlotlise Jehova

    Hobane ke Molimo ea lokileng.

    A re bineleng ’Mopi re mo roriseng

    Re phatlalatse ketso tsa hae.

    (K’HORASE)

    Maholimo thabang, le uena lefatše,

    Hoba ke Jehova ea busang.

    Maholimo thabang, le uena lefatše,

    Hoba ke Jehova ea busang.

  2. 2. Bolellang batho chabeng tsohle,

    Jehova ke eena ea re pholosang.

    A re roriseng Jah Molimo oa rona,

    Re tlotlise lebitso la hae.

    (K’HORASE)

    Maholimo thabang, le uena lefatše,

    Hoba ke Jehova ea busang.

    Maholimo thabang, le uena lefatše,

    Hoba ke Jehova ea busang

  3. 3. ’Muso oa hae o tlisa toka

    Joale Mora oa hae o se a busa.

    Melimo ea lefatše

    e ke e soabe.

    Jehova ke eena morena.

    (K’HORASE)

    Maholimo thabang, le uena lefatše,

    Hoba ke Jehova ea busang.

    Maholimo thabang, le uena lefatše,

    Hoba ke Jehova ea busang.