Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 96

Molimo o re File Letlotlo

Molimo o re File Letlotlo

(Liproverbia 2:1)

  1. 1. Ho na le buka eo taba tsa eona

    Li fang batho khotso le nyakallo.

    E na le molaetsa o monate,

    Ke molaetsa o matla haholo,

    Buka eo ke Bibele, Ntsoe la ’Mopi.

    Molaetsa oa eona o tsoa ho Jah

    ’Me o tlile ka batho ba mo ratang.

    O n’a ba thusa ka moea oa hae.

  2. 2. Ba buile ka popo ea Molimo,

    Kamoo bokahohle bo bileng teng.

    Ba buile kamoo batho ba pele

    Ba ileng ba tlosoa Paradeiseng.

    Ba buile hape ka lengeloi

    Le hanyelitseng bobusi ba Jah,

    Kahoo ra oela sebeng le masoabing,

    Empa Jah o tla lokisa lintho.

  3. 3. A re luleng re thabile haholo,

    Hobane joale Kreste oa busa.

    Ha re boleleng litaba tsa ’Muso

    Re thuse batho, ba be le tšepo.

    Le rona re ba le tšepo e matla,

    Re ba le khotso e khaphatsehang

    Ha re ithuta Lentsoe la Molimo.

    Bohle ba ke ba ithute lona.