Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 97

Re Hloka Lentsoe la Molimo

Re Hloka Lentsoe la Molimo

(Matheu 4:4)

  1. 1. Re hloka tataiso ea Jah

    Bophelong ba rona.

    Ha re hloke lijo feela,

    Re hloka le Lentsoe.

    Le re fa khotso ea ’nete,

    Hape lea thabisa.

    (K’HORASE)

    Ha re hloke lijo feela,

    Re hloka le Lentsoe.

    Tsatsi ka leng ha re ithuta,

    Le tla re phelisa.

  2. 2. Lentsoe la Jah le bua ka

    Banna le basali

    Ba ileng ba tšepahala,

    Ba nang le tumelo.

    Rea khothala ha re bala

    Ka bona Ntsoeng la Jah.

    (K’HORASE)

    Ha re hloke lijo feela,

    Re hloka le Lentsoe.

    Tsatsi ka leng ha re ithuta,

    Le tla re phelisa.

  3. 3. Ha re bala Lentsoe la Jah,

    Re tla ba le tšepo.

    O re fa bohlale ba ho

    Mamella mathata.

    Re amoheleng Ntsoe la hae.

    Re lule re ithuta.

    (K’HORASE)

    Ha re hloke lijo feela,

    Re hloka le Lentsoe.

    Tsatsi ka leng ha re ithuta,

    Le tla re phelisa.

(Sheba le Josh. 1:8; Bar. 15:4.)